Mabaka a Leano
Re utlwisisa hore batho ba na le maikutlo a fapaneng mabapi le ditshwantsho tse nyarosang le tsa dikgoka. Ho sireletsa basebedisi ho dikateng tse jwalo, re tlosa boholo ba dikateng tse nyarosang le ho kenya dileibole tsa temoso ho mefuta e meng ya dikateng tse ding hore batho ba lemohe hore e ka nna ya ba tse nyarosang pele ba tobetsa. Re kgina bokgoni ba basebedisi ba batjha ba ho bona dikateng tse ka nnang tsa se lokele le tse sa tshwanelang dilemo tsa bona. Ka ho etsa jwalo, re ikemisetsa ho fa mosebedisi bophihlelo bo mo loketseng, ha re ntse re tswela pele ho fana ka monyetla wa hore basebedisi ba rona ba ntshe maikutlo a bona.
Re ananela hore basebedisi ba ka nna ba aba dikateng ho fana ka lesedi ka kapa ho tshwela ka mathe diketso tse kang kgatikelo ya ditokelo tsa botho kapa ntwa ya batho ba hlometseng. Maano a rona a sheba ha dikateng di abuwe ka moelelo ona le ho fana ka monyetla wa ho buisana le ho hlahisa temoso ka tshwanelo.
Bakeng sa dipapatso tse lefuwang, re fana ka ditshireletso tse ding. Ka mohlala, dikateng tse nkuweng di sisimosa ha di tshwanelehe ho hlahiswa dipapatsong. Re boetse re thibela dipapatso ho kenyeletsa ditshwantsho le dividio tse tshosang, tse nyarosang kapa tse sisimosang. Bakeng sa dintlha tse batsi, ka kopo sheba Melao ya Bobapatsi ya rona.
O se ke wa phousta:
Ditshwantsho tsa batho
Dividio tsa batho, ba phelang kapa ba shweleng, ka moelelo o e seng wa bongaka, tse hlahisang:
Diretlo.
Dikahare tse bonahalang, tse kang ditho tsa mmele tse pepesehileng, masapo, kapa thishu ya mesifa ho batho ba phelang kapa ba shweleng;
Batho ba tukang kapa ba tjheleng lore; kapa
Ho kgaola molala.
Dikotlo tsa lefu ka tse haswang laeve
Dipuo tse Utlwisang Bohloko
Tshwaelo ya ho thabela bokgopo – jwaloka mengolo le ditshwaelo – tse hlahisang thabo kapa ho nyakalla ke mahlomola kapa ho tlontlollo ya batho kapa diphoofolo.
Re tlosa
Mantswe a ho thabela bokgopo a lebisitsweng setshwantshong (ka bobedi dividio le ditshwantsho tse tsitsitseng) a fumanang sekrine sa tlhokomediso tlasa leano lena, a eletsang batho hore dikateng di ka nna tsa sisimosa; ntle leha setshwantsho se hlahisa diketso tsa boitshireletso (mohl., vidio ya motho ya itshireletsang ha a tshwarwa poho) kapa ka moelelo wa bongaka (mohl., setshwantsho sa ditsebi tsa bongaka tse etsang opereishene).
Mantswe a hlakileng a ho thabela bokgopo a lebisitsweng diphoofolong tse sotlehang tse hlahiswang setshwantshong, le setshwantsho se hlahisang diphoofolo ho tloha boemong ba ho phela ho ya ho ba ho shwa.
Ho fana ka kapa ho kopa setshwantsho se hlakotsweng kapa se fumanang sekrine sa temoso tlasa leano lena, ha se felehetswa ke dipuo tse utlwisang bohloko.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re kenyeletsa sekrine sa temoso hore batho ba ele hloko hore dikateng tseo e ka ba tse sisimosang. Hape re fokotsa bokgoni ba ho boha dikateng hore ebe tsa batho ba baholo, ba dilemo di 18 le ho feta:
Ditshwantsho tsa batho
Dividio tsa batho, ba phelang kapa ba shweleng, ka moelelo wa bongaka, tse hlahisang:
Diretlo.
Dikahare tse bonahalang, tse kang ditho tsa mmele tse pepesehileng, masapo, kapa thishu ya mesifa ho batho ba phelang kapa ba shweleng;
Batho ba tukang kapa ba tjhang lore, ho kenyeletsa meelelo ya ho tjheswa ha ditopo; kapa
Ho kgaola molala.
Ditshwantsho tsa batho ba sa tsamayeng, ba phelang kapa ba shweleng, tse hlahisang:
Diretlo.
Dikahare tse bonahalang, tse kang ditho tsa mmele tse pepesehileng, masapo, kapa thishu ya mesifa ho batho ba phelang kapa ba shweleng;
Batho ba tukang kapa ba tjheleng lore; kapa
Ho kgaola molala.
Ditshwantsho (bobedi dividio le ditshwantsho tse emeng) tse bontshang lefu la motho ya bolawang ka sehloho (ho kenyeletsa motsotso wa lefu kapa ditlamorao) kapa motho ya hlahelwang ke ketsahalo e tshosetsang bophelo (e kang ho thulwa ke koloi, ya welang selomong, kapa ya hlahelwang ke ntho e ka nnang ya baka temalo e isang lefung).
Setshwantsho se hlahisang kahlolo ya lefu ya motho (ntle le dikgaso tse laeve).
Setshwantsho se hlahisang diketso tse sehloho (mohl., diketso tsa dikgoka kapa ditshosetso tse kotsi ho mahlatsipa a tshwerweng ka nkane) tse etswang kgahlanong le motho kapa sehlopha sa batho;
Setshwantsho se hlahisang dintho tseo e seng tsa bongaka (mohl,. dithipa, dipekere kapa dintho tse ding tsa tshepe) tse phunyang letlalo la motho.
Setshwantsho se hlahisang motho ya tswileng meno, a tswang madi, meno a tswileng moo ho nang le madi; kapa ho kenngwa ha dintho tse ding menong kapa mareneneng.
Ditshwantsho tse hlahisang senamane le masea a ka ntle ho popelo a shweleng, ntle leha ho na le motho e mong setshwantshong.
Ditshwantsho tsa diphoofolo
Ditshwantsho dife kapa dife tsa diphoofolo, tse phelang kapa tse shweleng, – tse hlahisang diretlo, dikahare tse bonahalang, tse tukang kapa tseo e bang molora, kapa ho bediswa di ntse di phela.
Setshwantsho sa diphoofolo tse tlohang ho pheleng ho ya ho shweng.
Ditshwantsho tsa batho ba etsang diketso tsa bokgopo diphoofolong tse phelang (mohl. ho di raha, ho di kgamisa ka metsi kapa ho di hlotha masiba).
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fokotsa bokgoni ba tsona ba ho di shebella hore di shebellwe ke basebedisi ba dilemo di 18 le ho feta:
Ditshwantsho tsa batho
Ditshwantsho tse hlahisang batho hanyane kapa ba sa kupetswang ka botlalo ba shweleng, esita leha ho se na matshwao a bonahalang a lefu le sehloho.
Ditshwantsho tse hlahisang senamane le masea a ka ntle ho popelo a shweleng, ha ho na le motho e mong setshwantshong.
Setshwantsho se hlahisang dinalete tse phunyang letlalo la motho e se kentelo, ho hlaba dinalete tse tshesane kapa dry-needling, ho etsa di-tattoo kapa moelelo wa ho itlhaba.
Ditshwantsho tse hlahisang batho ba lemetseng ka moelelo wa bongaka ha ho bonahala ba le mahlabeng kapa mahlomoleng, ba na le metopa, kapa ba kentswe diphaephe tsa bongaka sefahlehong le/kapa matsohong.
Ditshwantsho tse hlahisang dintho tse tswang mothong le lero la mmele (mohl., mantle, moroto, mahlatsa, dikonokono, mamina, dintho tse ntshitsweng menong, kapa madi).
Ditshwantsho tse hlahisang dikoloi tse tjhang kapa tse phatlohang, kapa tse hlahisang motsotso kapa ditlamorao tsa sekgahla sa dikoloi tse lebelong sa ho thula dintho moo koloi e kgelohileng tsela ya yona le/ kapa bodulo ba mokganni kapa mopalami bo senyehileng hampe.
Ditshwantsho tsa diphoofolo
Ditshwantsho tse hlahisang diphoofolo, tse phelang kapa tse shweleng, moo ho bonahalang hore ho na le madi.
Setshwantsho se hlahisang diphoofolo ha di tswala (mohl., ho na le madi kapa ho na le dikahare tse bonahalang).
Setshwantsho se hlahisang diphoofolo, tse phelang kapa tse shweleng, moo dikokonyana di bonwang di tswa ho tsona (mohl,. diboko).
Setshwantsho se hlahisang diphoofolo tse lemetseng, tse sotlehang.
Setshwantsho se Inahanelwang
Setshwantsho se hlahisang batho ba inahanelwang maemong a latelang:
Diretlo;
Dikahare tse bonahalang, tse kang ditho tsa mmele tse pepesitsweng, masapo, kapa thishu ya mesifa;
Batho ba tukang kapa ba tjheleng lore;
Ho kgaola molala; kapa
Mafu a sehloho kapa diketsahalo tse tshosetsang bophelo.
Setshwantsho se hlahisang batho ba e seng ba nnete se bonahalang eka ke sa nnete (moo setshwantsho se shebahalang jwalo ka kapa se tshwanang hantle le senepe kapa vidio ya motho wa sebele) kameelelo e latelang:
Dintho tseo eseng tsa bongaka tse ka thoko (mohl., dithipa, dipekere, kapa dintho tse ding tsa tshepe) tse phunyang letlalo;
Dintshila tse tswang mothong le lero la mmele (mohl., mantle, moroto, mahlatsa, dikonokono, mamina, kapa dintho tse ntshitsweng menong), ntle ho madi;
Masea a shweleng kapa senamane se seng ka popelong;
Setshwantsho se hlahisang diphoofolo tseo e seng tsa nnete, empa e le tse kang ditshwantsho tsa nnete ka meelelo e latelang:
Diretlo;
Dikahare tse bonahalang, tse kang ditho tsa mmele tse pepesitsweng, masapo, kapa thishu ya mesifa;
Diphoofolo tse tukang kapa tse tjheleng lore;
Diphoofolo tse phehwang di ntse di phela;
Madi a teng;
Diphoofolo tse tlohang ho pheleng ho ya ho shweng;
Batho ba etsang diketso tsa bokgopo diphoofolong tse phelang (mohl., ho di raha, ho di kgamisa ka metsi, kapa ho di hlotha masiba);
Diphoofolo tse lemetseng tse sotlehang
Diphoofolo tse tswang dikokonyana (mohl., diboko).
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
Ha re dumelle:
Vidio kapa modumo wa motho ya shwang lefu le sehlooho ha lefu la motho le netefaditswe ka rekoto ya sepolesa, lengolo la lefu, tlaleho ya Molekane ya Tshepahalang kapa tlaleho ya ditaba mme setho sa lelapa la mofu se kopa hore e tloswe.
Vidio ya batho ba tjhang lore kapa ba tukang ka moelelo wa ho ipolaya ka ho itjhesa e le ketso ya boipelaetso.
Re ka nna ra dumella:
Setshwantsho sa motho ya shwang lefu le sehloho kapa ketsahalo e tshosetsang bophelo ha e hlahiswa ntle le maikemisetso