Ho Ipolaya, Ho Itematsa, le ho se Je Hantle

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Re tsotella haholo polokeho ya batho ba sebedisang diepo tsa rona. Re dula re buisana le ditsebi ditabeng tsa ho ipolaya, ho itematsa le ho se je hantle ho thusa ha re etsa maano le ha re phethisa molao, mme re sebedisana le mekgatlo lefatsheng lohle hore re thuse batho ba maqakabetsing.
Leha re sa dumelle batho hore ba keteke kapa ba kgothaletse ka boomo kapa e se ka boomo ho ipolaya, ho itematsa, kapa ho se je hantle, re dumella batho ho buisana ka ditaba tsena hobane re batla hore ditshebeletso tsa rona ebe sebaka moo batho ba ka abelanang maiphihlelo a bona, ba hlahisa temoso ka ditaba tsena le ho batla ho tshehetsana. Hape re ka nna ra fokotsa bokgoni ba ho boha dikateng tsena hore ebe tsa batho ba baholo, ba dilemo di 18 le ho feta.
Re tlosa dikateng dife kapa dife tse kgothaletsang ho ipolaya, ho itematsa, kapa ho se je hantle, ho kenyeletsa dikateng tseo e seng tsa nnete jwalo ka dimeme kapa ditshwantsho, le dikateng dife kapa dife tsa ho itematsa tse sisimosang, ho sa natswe moelelo. Re tlosa dikateng tse nang le ditaelo tsa boitshwaro ba ho theola mmele ho tlola tekano. Hape re tlosa dikateng tse somang mahlatsipa kapa baphonyohi ba ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle, hammoho le ditshwantsho tsa sebele tsa ho ipolaya kapa ho itematsa. Dikateng tse amanang le ho hlaphohelwa tabeng ya ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle tse dumellwang, empa di ka nna tsa ba le ditshwantsho tse ka kgopisang, (tse kang leqeba le fodileng) di behwa kamora sekrine sa dintho tse sisimosang mme hape re tla fokotsa bokgoni ba ho sheba dikateng tsa batho ba baholo ba dilemo di 18 kapa ho feta.
Ha batho ba phousta kapa ba setjha dikateng tse amanang le ho ipolaya, ho itematsa, kapa ho se je hantle, re tla ba supisa mekgatlo ya lehae e ka ba tshehetsang mme haeba moifo wa rona wa Ditshebetso tsa Setjhaba o kgathatsehile ka kotsi e haufinyana, re tla ikopanya le ba ditshebeletso tsa tshohanyetso ba lehae ho mo thusa. Ha o batla ho tseba haholwanyane, etela Setsi sa Polokeho sa Meta.
Tabeng ya dikateng tse laeve, ditsebi di re boleletse hore haeba motho a bolela hore o ikemiseditse ho leka ho ipolaya a le kgasong e laeve, re lokela ho tlohela dikateng tseo ho fihlela moo ho kgonehang, hobane ha motho a nka nako e telele a bua khamereng, ho na le menyetla e mengata ya hore motswalle kapa setho sa lelapa se ka bitsa ba ditshebeletso tsa tshohanyetso. Leha ho le jwalo, ho fokotsa kotsi ya hore ba bang ba amehe hampe ke ho boha dikateng tsena, re tla emisa kgaso e laeve nakong eo tshoso e fetohang boiteko. Jwaloka ha ho boletswe ka hodimo mona, boemong bofe kapa bofe, re tla ikopanya le ba ditshebeletso tsa tshohanyetso haeba re hlokomela hore motho o mothating wa ho itematsa.
Ha re dumelle:
  • Dikateng tse kgothaletsang, tse hokahanyang, kapa tse fanang ka ditaelo tsa ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle.
  • Dikateng tse hlahisang ditshwantsho tse sisimosang tsa ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle
  • Dikateng tse hlahisang motho ya lekang ho ipolaya kapa lefu ka ho ipolaya
  • Ditshwantsho tsa batho ha di abelanwa mmoho le mantswe a tsamaisanang le ho se je hantle
  • Dikateng tse tsepamisang maikutlo hodima ho hlahisa dikgopo, masapo a molala, dikgeo tsa dirope, diqholo, mpa e honyetseng, lesapo le tomolohileng la mokokotlo, kgarafu, masapo a bonahalang a diphaka kapa ditlhafu kapa marama a honyetseng ha di abelanwa mmoho le mantswe a tsamaelanang le ho se je hantle.
  • Dikateng tse nang le ditaelo tsa boitshwaro ba ho theola mmele ho tlola tekano
  • Dikateng tse dumelang boitshwaro bo feteletseng ba ho theola boima ba mmele ha di abuwa mmoho le mantswe a tsamaelanang le mekgwa e ya ho se je hantle
  • Dikateng tse nang le ditaelo tsa ho itima dijo ha di abuwa mmoho le mantswe a tsamaelanang le mekgwa e ya ho se je hantle
  • Dikateng tse somang mahlatsipa kapa batho ba phonyohileng ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle ba tsejwang haholo setjhabeng kapa ho lohotha hore ba bile le boiphihlelo, ba ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle
  • Ditshwantsho tse bontshang ho fetolwa ha mmele (mohl., di-tattoo, ho phunya, ho seha, ho itjhapa, jj.) ha di abelanwa ka moelelo wa ho ipolaya kapa ho itematsa
Bakeng sa dikateng tse latelang, re kenyeletsa sekrine sa temoso hore batho ba ele hloko hore dikateng tseo e ka ba tse sisimosang. Hape re fokotsa bokgoni ba ho boha dikateng hore ebe tsa batho ba baholo, ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Difoto le dividio tse hlahisang motho ya fedisang bophelo ba motho ya opelwang hampe/ho thusa motho ho ipolaya ho etswang ke dingaka.
  • Dikateng tse hlahisang diketsahalo tsa kgalenyana tsa ho itematsa tse kang maqeba a fodileng kapa ditshwantsho tse ding tsa ho itematsa tse sa sisimoseng ka moelelo wa ho itematsa, ho ipolaya kapa ho hlaphohelwa.
  • Dikateng tse bontshang dikgopo, masapo a molala, dikgeo tsa dirope, dithopola, mpa e honyetseng, mokokotlo o tomolohileng, kgarafu, masapo a bonahalang diphakeng kapa ditlhafung, kapa marama a honyetseng ka moelelo wa ho hlaphohelwa
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fa batho mehlodi le ho fokotsa bokgoni ba ho sheba dikateng hore ebe batho ba baholo feela, ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Ho dumela ka lengolo kapa ka molomo ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle.
  • Dipolelo kapa dipolelo kapa ditshupiso tse sa utlwahaleng, tse ka bang tsa ho ipolaya (ho kenyeletsa di-meme kapa ditshwantsho tse nang le laesense tsa maikutlo a sithabetseng, kgatello ya maikutlo, tse hlahisang lefu e le ho phonyoha, kapa dikateng tsa tlwaelo e tummeng e toboketsang menahano ya lefifi e tetebetsang) ka moelelo wa ho ipolaya kapa ho itematsa.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fokotsa bokgoni ba ho sheba dikateng hore ebe batho ba baholo feela, ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Ho soma kapa ho qhelela ka thoko mohopolo wa ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle
  • Tsa ba le ditaba tse hlalosang ho ipolaya ka ho teba tse lebang ka nqane ho feela ho bolela kapa ho supa ketsahalo kapa ditlamorao
  • Ho dumela boitshwaro bo feteletseng ba ho theola mmele
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
  • Re ka nna ra tlosa mangolo a ho ipolaya ha re fumane netefatso ya ho ipolaya kapa boiteko ba ho ipolaya. Re leka ho hlwaya mangolo a ho ipolaya re sebedisa mabaka a mmalwa, ho kenyeletsa empa ho sa felle ka:
    • Dikopo tsa ba lelapa kapa tsa moemedi wa semolao,
    • Ditlaleho tsa boraditaba, sepolesa, kapa mehlodi e meng e ka thoko (mohl. makala a mmuso, di-NGO), kapa Foromo ya Boiteanyo ya Dikateng tsa ho Ipolaya kapa Foromo ya Boiteanyo ya Instagram.
    • Re ka nna ra ela hloko matshwao a seng lepatlelong a ho dumela kapa ho kgothaletsa ho ipolaya, ho itematsa, mekgwa e mebe ya ho ja kapa mekgwa e feteletseng ya ho theola boima ba mmele ho mosebedisi ya ho lekola hore na dikateng tse itseng tseo a di phoustileng mapatlelong a Meta di ka beha ba bang kotsing kapa tjhe.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Datha
Sheba Tlaleho ya moraorao ya Qobello ya Melao ya Setjhaba
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka mathata a ho ipolaya, ho itematsa, le ho se je hantle
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona