Spam

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Ha re dumelle dikateng tse reretsweng ho thetsa, ho kgelosa kapa ho etsa hore basebedisi ba hlollwe e le ho ikekelletsa bobohi ba siyo. Dikateng tsena di sitisa bokgoni ba batho ba ho sebedisana ka nnete mapatlelong a rona mme di ka sokela tshireletso, botsitso, le bokgoni ba tshebediso ya ditshebeletso tsa rona. Re boetse re batla ho thibela maqiti a hlekefetsang, a kang ho jala dilinki tse thetsang ho hohela basebedisi ba sa lemoheng ka tshebetso kapa khoutu e kgelosang, kapa ho etsisa domeini e tshepahalang.
Spam inthaneteng ke indasteri e atlehang. Maano a rona le ho fumana mathata a tshwanela ho dula a fetoha hore a ikamahanye le ditlwaelo le maqiti a spam a ntseng a runya. Bakeng sa ho nka bohato ho lwantsha spam, re batla ho lekalekanya ditjeo tse ntseng di phahama tsa bahlahisi le bahasi ba sona mapatlelong a rona, le ho sireletsa ketso e etswang ka sehlahlo, e nang le bonnete ya setjhaba sa rona.
Ha re dumelle:
  • Ho phousta, ho aba, ho sebedisana le dikateng kapa ho etsa diakhaonto, Dihlopha, Maqephe, Diketsahalo kapa thepa e nngwe, ka ho iketsetsa kapa ka ho iketsahalla, ka makgetlo a hodimo haholo.
    • Re ka nna ra beha dithibelo diakhaontong tse sebetsang ka makgetlo a tlasenyana ha ho na le matshwao a mang a Spam (mohl., ho phousta dikateng tse iphetaphetang) kapa ho na le matshwao a ho hloka bonnete.
  • Ho leka ho kapa ho atleha ho rekisa, ho reka kapa ho fapanyetsana thepa ya lepatlelo, e kang diakhaonto, dihlopha, maqephe, jj.
  • Ho leka ho kapa ho atleha ho rekisa, ho reka kapa ho fapanyetsana menyetla ya disaete, e kang mesebetsi ya motsamaisi kapa molekodi, kapa tumello ya ho phousta dibakeng tse itseng.
  • Ho leka ho, kapa ho atleha ho rekisa, ho reka, ho fapanyetsana dikateng bakeng sa ho hong ho nang le boleng ba tjhelete, ntle le Dikahare Tse Nang le Lebitso la Kgwebo le hlwailweng ka ho hlaka, jwalo ka ha ho hlaloswa ke Leano la rona la Dikateng tse Nang le Lebitso la Kgwebo.
  • Ho leka ho kapa ho atleha ho reka, ho rekisa kapa ho fapanyetsana bakeng sa tshebedisano, jwalo ka dilaeke, dintho tse abuweng, makgetlo a ho sheba, bolatedi, ditobetso, tshebediso ya diheshetheke tse itseng, jj. Sena se kenyeletsa:
    • Ho tshepisa meputso (ke hore, ho tshepisa ba bang monyetla wa ho hapa) ya tjhelete kapa e tshwanang le tjhelete e le phapanyetsano ya tshebedisano. (mohl., "Mang kapa mang ya laekang leqephe la ka o tla kenyeletswa bakeng sa ho hapa $500")
    • Ho tshepisa ho fana ka eng kapa eng ya boleng ba tjhelete ka phapanyetsano ya tshebedisano. (mohl., “Haeba o laeka leqephe la ka, ke tla o fa iPhone!”)
  • Ho batla kapa ho bolela hore basebedisi ba tlameha ho sebedisana le dikateng (mohl., ho laeka, ho aba) pele ba kgona ho sheba kapa ho sebetsana le dikateng tse tshepisitsweng.
  • Ho aba di-URL, didomeine le diepo tse thetsang kapa tse kgelosang, ho kenyeletsa:
    • Ho Pata: Ho pata ke boiteko leha e le bofe ba ho kwekwetla maano a rona a dikateng ka maikemisetso a ho hlahisa dikateng tse fapaneng tsa ka thoko ho lepatlelo, tse kang di-URL kapa diepo, disistimeng tsa rona tsa botshepehi kgahlanong le se bontshwang basebedisi.
    • Dilinki tse Kgelosang: Dikateng tse nang e linki e tshepisang mofuta o itseng wa dikateng empa e be di fana ka se fapaneng hohang. Sena se ka kenyeletsa dikateng epong kapa ho software e tshepisitsweng.
    • Mokgwa o thetsang o kgelosang: Diwebsaete tse batlang mohato (mohl. captcha, watch ad, tobetsa mona) bakeng sa ho sheba websaete ya dikateng e lebeletsweng mme lebitso la domeine ya URL le a fetoha kamora hore ketso e batlehang e phethelwe, kapa ka ho iketsahalla e kgelosetse basebedisi ho domeine e fapaneng ka ho feletseng ntle le mohato wa mosebedisi leha e le ofe.
    • Ho lebisa ho laeke/Ho aba: Ho batla hore basebedisi ba amehe (ka mokgwa wa dilaeke, dikabo, bolatedi, kapa mofuta leha e le ofe o mong wa ho ameha o shebaneng le batho) ho fumana phihlello ya dikateng tse itseng tse kgethehileng.
    • Tshebetso ya mapatlelo a kgelosang - Ho etsisa difitjhara kapa tshebetso ya ditshebeletso tsa rona, tse kang ho etsisa tsela ya ho kopa ditjhelete, di-in-line poll, dikonopo tsa papadi, kapa konopo ya laeke moo tshebetso e leng siyo, kapa konopo ya laeke moo tshebetso e leng siyo, bakeng sa ho etsa hore mosebedisi a latele linki.
    • Tshebetso ya leqephe la websaete le kgelosang: Diwebsaete tse nang le tshebedisano le basebedisi e kgelosang, tse bakang hore ho be le tshubuhlellano e sa lebellwang (mohl. di-pop-up/unders, clickjacking, jj.). Sena se kenyeletsa maqiti a kang ho tjheha, moo di-pop-up tseo e seng tsa bohlokwa di hlahellang ha motho a leka ho tloha leqepheng la websaete.
    • Boikgakanyo ba leqephe la pele kapa domeine - Leqephe la websaete le ka thoko ho lepatlelo, URL, kapa websaete kapa domeine e ka thoko e etsang eka ke lebitso la kgwebo kapa tshebeletso e tummeng hantle ka ho sebedisa lebitso, domeine kapa dikateng tse nang le diphoso tsa mongolo, mopeleto o fosahetseng kapa mekgwa e meng ya ho ikgakanya eka ke diwebsaete, didomeine kapa mabitso a kgwebo a tummeng ka ho sebedisa leqephe la pele la websaete le tshwanang le la saete e nngwe e tshepahalang.
    • Ditshebediso tse ding tse thetsang tsa di-URL kapa dilinki tse tshwanang haholo le tse ka hodimo mona.
  • Ho sa natswe tse ka hodimo mona, ha re thibele:
    • Papatso e paroletsang e sa bakweng ke tefo ya motho ya ka thoko
    • Ho fetisetsa maikarabelo a tsamaiso kapa bolekodi ba leqephe kapa sehlopha ho mosebedisi e mong ho itshetlehile ka thahasello ya hae leqepheng kapa sehlopheng, ho fapana le boleng ba phapanyetsano.
    • Ho phousta kapa ho aba Dikateng tsa Lebitso la kgwebo le hlwailweng ka ho hlaka.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Diskrine tsa temoso
Datha
Sheba Tlaleho ya moraorao ya Qobello ya Melao ya Setjhaba
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka spam
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona