Kopo ya Thobalano ya Batho ba Baholo le Puo e Pepenene ya Thobalano

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Jwalo ka ha ho boletswe leanong la Kganyapetso ya Batho ba Baholo ka Thobalano, batho ba sebedisa ditshebeletso tsa rona ho buisana le ho lemosa batho ka diketso tsa dikgoka tsa thobalano le kganyapetso. Re ananela bohlokwa ba le ho dumella puisano ena. Hape re dumella puisano ya ho buella ditokelo tsa basebetsi ba thobalano le taolo ya mosebetsi wa thobalano. Leha ho le jwalo, re seha moedi ha dikateng di thusa ho kopana ka ditaba tsa thobalano kapa ditshebeletso tsa kgwebo tsa thobalano pakeng tsa batho ba baholo kapa ha dikateng di kopa kapa di tshepisa dikateng tsa phonokrafi kapa tsa thobalano. Re etsa sena ho qoba ho thusa ka ditransekshene tse ka kenyeletsang kgwebisano ka batho, qobello le diketso tsa thobalano ntle le tumellano.
Hape re thibela puo e buang pepenene ka thobalano e ka lebisang ho dikopo tsa thobalano hobane ba bang ba babohi ba rona ka hara setjhaba sa lefatshe ba ka sisimoswa ke mofuta ona wa dikateng, mme di ka sitisa bokgoni ba batho ba ho hokelana le metswalle le setjhaba ka bophara.
Ha re dumelle:
Dikateng tse tshepisang, tse kopang kapa tse fanang ka mekgwa ya ho ikopanya le bootswa, e leng se hlaloswang e le ho kopa kapa ho inehela dikopanong tsa thobalano bakeng sa phapanyetsano ya tjhelete kapa ntho leha e le efe ya bohlokwa ka:
  • Ho tshepisa kapa ho kopa ho kopana le motho ka morero wa thobalano (ka mohlala, ditshebeletso tse amanang le thobalano, ho sedilwa ha thobalano/tsohediso, meqoqo ya thobalano, ditshebeletso tsa dintho tse kgotsofatsang thobalano)
  • Ho sebedisa mareo a seterateng a bootswa hammoho le ho kopa kapa ho tshepisa ho fumaneha, theko, kapa letshwao lefe kapa lefe la transekshene ya tjhelete kapa ho hong ho nang le boleng, kapa ya dintlha tsa boiteanyo
  • Ho kena kopong ya thobalano e tsamaisanang le theko kapa letshwao lefe kapa lefe la transekshene ya tjhelete kapa ho hong ho nang le boleng
  • Ho hlahisa kapa ho bua ka ho kopana ha batho ka morero wa thobalano kapa balekane ho nang le theko kapa letshwao lefe kapa lefe la ditransekshene tsa tjhelete kapa tsa mofuta o jwalo.
  • Ho thaotha kapa ho tshepisa batho ba bang mosebetsi wa thobalano e le kgwebo ho wela tlasa leano la Kganyapetso ya Batho.
Dikateng tse amanang le kopo ya thobalano ka ho tshepisa, ho kopa kapa ho fana ka mekgwa ya boiteanyo bakeng sa dikopano tsa thobalano tse kang:
  • Thobalano kapa ho tsosa takatso ya thobalano
  • Thobalano ya molomo
  • Dintho Tse Tsosang Takatso ya Thobalano
  • Meqoqo kapa dipuisano tsa thobalano
  • Melaetsa ya thobalano kapa ya tsohediso
  • Metantsho ya tsohediso kapa ho tsola
  • Ho aba ditshwantsho tsa boponopono (jwaloka dividio tsa boponopono, kapa tsa thobalano)
Dikateng tse kopang, tse tshepisang, kapa tse fanang ka mekgwa ya boiteanyo ho fumana thepa ya phonokrafi, kapa e nang le mabitso a basebedisi kapa dilinki tsa diwebsaete tsa phonokrafi.
Puo e pepenene ka thobalano e sebedisang dintlha tse pepenene kapa tse nyarosang ka:
  • Mapele,
  • Boemo ba ho tsohelwa (mohl., ho ba metsi kapa ho tsohelwa ha bonna)
  • Dikopano tsa Thobalano
  • Tse ka hodimo mona ha di kenyeletse dikateng tse abuwang ka morero wa ho qabola, ho phoqa kapa e le ho rohakana ka ditaba tsa thobalano
Re dumella dikateng tseo ka ho le leng di akaretswang ke leano lena ha di phoustuwa ka lebaka la ho tshwela ka mathe, la thuto, ho fana ka temoso kapa ho tlaleha ditaba. Hape ha re thibele ho tshohla mekgwa ya thobalano tlasa leano lena. Leha ho le jwalo, tsena di sehetswe moedi ho batho ba baholo ba ka hodimo ho dilemo tse 18 ho latela leano la Bophelo bo Botle le Boitekanelo ho thusa ka maiphihlelo a dilemo tse loketseng bakeng sa bana ba tlase dilemong.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fokotsa bokgoni ba ho boha dikateng hore ebe batho ba baholo feela, ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Dikateng tse tshohlang mekgwa kapa boiphihlelo ba thobalano
  • Dikateng tse nang le mabitso a basebedisi, dilinki kapa dilogo tsa Diwebsaete tsa Boingodiso ba Batho ba Baholo
  • Puo e pepenene ya thobalano ka meelelo ya ho qabola kapa ho phoqa, ho kenyeletsa ditshwantshanyo tsa thobalano
  • Puo e sisinyang thobalano e buang ka dikopano tsa thobalano
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re ka di qobellang:
  • Maemong a itseng, re tla bontsha dikateng tseo ho ka etsahalang hore di tlole Melao ya Setjhaba ha ho nkwa hore dikateng tseo ke tsa ho phoqa. Dikateng di tla dumellwa hafeela dikarolo tse hatikelang tsa dikateng e le tsa ho phoqa kapa di amahanngwa le ntho e itseng kapa motho e mong bakeng sa ho mo soma kapa ho mo tshwaya phoso.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Diskrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka kopo ya thobalano ya batho ba baholo le puo e behang thobalano pepenene
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona