Ditlwaelo tse Thibetsweng tsa Kgwebo
Dintlha tsa leano
FETOLA HO KENA
Kajeno
Mabaka a Leano
Re rerile ho sireletsa basebedisi le dikgwebo kgahlanong le ho thetswa ka ditjhelete tsa bona, thepa kapa tlhahisoleseding ya botho. Ho etsa jwalo, re thibela dikateng le boitshwaro bo sebedisang ditlwaelo tse thibetsweng tsa kgwebo. Sena se kenyeletsa ditshepiso tsa mosebetsi wa leshano kapa wa lenaneo la mmuso, ho tjheha leraba ka batho ba tummeng le mabitso a kgwebo, disekimi tsa matsete (ho kenyeletsa ditshepiso tsa tswala e netefaditsweng), disekimi tsa ho thusa batho ba dikolong le ba ba nang le sekoloto, disekimi tsa ho fumana tjhelete kapele le tsa ho fana ka dimpho, disekimi tsa marato, le disekimi tsa thekolohelo.
Re dumella batho ho lemosa ba bang, ho rupella ba bang, le ho tshwela ka mathe disekeme le ditlwaelo tse ding tse thibetsweng tsa kgwebo, hafeela ba sa pepese tlhahisoleseding e hlokolosi kapa ho di kgothaletsa.
Bakeng sa maano a amanang le Ditokomane Tse Thibetsweng le Ditshebeletso Tsa Ditjhelete, sheba Melao ya Setjhaba ya Thepa le Ditshebeletso Tse Thibetsweng
Tsela ya rona ya ho phethisa molao ha e a phethahala, mme re ka nna ra se lemohe dikgatikelo tsohle tsa leano. Ho ithuta haholwanyane mabapi le tsela ya ho hlwaya dikateng tse thetsang le seo o ka se etsang ho itshireletsa, etela Setsi sa Tshireletso Kgahlanong le Disekeme.
Ho phethisa molao
Re ka nna ra nka mehato e fapafapaneng ya ho phethisa molao, ho kenyeletsa empa ho sa felle ka ho tlosa dikateng le dipapatso, ho fokotsa kabo, ho kgina diakhaonto tsa dipapatso, ho fokotsa difitjhara, ho batla netefatso, kapa ho kgina diakhaonto. Mehato ena e ka nna ya ba teng ka lebaka la ho tsela ya rona ya ho hlwaya mathata le ho a potlakela, kapa e ka nna ya thehwa ka lebaka la ditlaleho tsa ditheo tse tshepahalang le tlaleho ya basebedisi (jwalo ka ha ho hlalositswe ka tlase mona).
Tlaleho ya Mosebedisi
Tlaleho ya basebedisi e re thusa ho hlwaya ditlwaelo tsa kgwebo tse etsang hore basebedisi ba hlahelwe ke tshebediso e mpe. Re sekaseka matshwao a kang mekgwa e sa fetoheng kapa ditlaleho tse sa tshwaneng tse mpe, le ho abela babapatsi le barekisi tlaleho e loketseng hore ba kgone ho ntlafatsa dikateng tsa bona le kgotsofalo ya bareki. Moo tlaleho e mpe e tswelang pele ho sa natswe ditemoso, re ka nna ra nka mehato e ka hodimo mona, ho fihlela ho wa ho thibela kapa ho kwala diakhaonto kapa ditheo tse ikarabellang. Sena se kenyeletsa ho nka mehato ya ho phethisa molao ho ditlwaelo tse kang:
- Ditheko tse kgelosang kapa tse sa utlwahaleng.
- Ho se tsamaiswe: ho hloleha ho tsamaisa dihlahiswa kapa ditshebeletso tse rekilweng kamora ho lefa.
- Ho fana ka tlhaloso e fosahetseng ya sehlahiswa: ho bapatsa dihlahiswa kapa ditshebeletso tse fapaneng haholo le seo e neng e bapaditswe, ho kenyeletsa diphapang tse kgolo tsa boleng kapa dintho tse fosahetseng.
- Ditefo tse sa dumellwang: ho lefisa mokgwa wa tefo wa moreki ntle le tumello e fanweng esale pele kapa tshenolo e hlakileng.
- Ho hatikela maano a ho kgutlisetsa kapa ho kgutlisetsa tjhelete: ho hloleha ho phethisa maano a boletsweng a ho kgutlisa tjhelete kapa ho kgutlisetsa thepa.
- Ditshebetso tse thetsang tsa ho sabskraeba: ho ngodisa bareki meraolong ya tefo e iphetaphetang kapa ditshebeletso tsa ho sabskraeba ntle le tshenolo e hlakileng ya dipehelo.
- Dilinki tse bonahalang eka di lebisa disaeteng tsa kgwebo tse molaong empa di ebe di lebisa disaeteng tsa disekeme.
Ha re dumelle:
Dikateng tse sebedisang maqiti a thetsang ho kgelosa batho kapa dikgwebo bakeng sa palo ya kgwebo kapa ya ditjhelete, ho kenyeletsa empa ho sa felle ka:
Dikateng Tsa Dikadimo Tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Ditshepiso tsa dikadimo tsa ditjhelete tse batlang hore mosebedisi a lefelle tefo pele hore a fumane kadimo ya tjhelete.
- Ditshepiso tsa kadimo ya ditjhelete tse netefatsang tumello ntle le ho bolela mekgahlelo efe kapa efe ya tumello e tlwaelehileng, e kang tlhahisoleseding ya ditjhelete e tswang ho moadingwa.
Dikateng tsa ho Betjha tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Tshepisang ditshebeletso tsa ho betjha ka tjhelete ya nnete ("Tjhelete ya nnete" ke tjhelete ya bophelong ba sebele e ka sebediswang ho reka dithoto kapa ditshebeletso bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho kenyeletsa ditjhelete tsa naha tse kang Didolara tsa Amerika le ditjhelete tsa marangrang tse kang Bitcoin):
- nang le karanti ya hore o tla hapa.
- ho lohotha kapa ho dumela hore sephetho sa papadi kapa tlhodisano se ropilwe
- ho kopa batho ho thusa ho ropa sephetho sa papadi kapa ho batla thuso kapa maele a ho ropa papadi kapa tlhodisano
- ho bapatsa ditshebeletso tsa ho betjha ka ditsela tse bolotsana kapa tse fokodisang (jwalo ka mongolo o sa amaneng le setshwantsho/vidio ya ho betjha)
- Ditshepiso tse bapatsang ditshebeletso tsa dikgwebo tsa ho betjha ka bolotsana tse tummeng.
Dipapadi tsa setjhaba tsa khasino tse etsisang ho betjha ntle le monyetla wa ho hapa tjhelete ya nnete di akarelletswa tlasa Molao wa rona wa Setjhaba wa Thepa le Ditshebeletso tse Thibetsweng.
Dikateng tsa Matsete a Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Ditshepiso tsa menyetla ya botsetedi moo tswala ya matsete e nang le karanti kapa e se nang dikotsi.
- Tse tshepisang menyetla ya botsetedi moo tswala ya matseteello ya matsete kapa ditlhapiso di tshetlehileng ka tsela e itseng kapa ka botlalo ka ho thaotha ba bang hore ba kenele sekimi seo.
- Ditshepiso tsa menyetla ya botsetedi tse bolelang kapa tse buang ka tshebetso e atlehileng ya nakong e fetileng kapa tswala ho bopa takatso ya sephetho se tshwanang nakong e tlang.
- Ditshepiso tsa menyetla ya botsetedi tse bolelang tswala e potlakileng (jwalo ka ho etsa dihora tse 24).
- Tse tshepisang ho fetola tjhelete e itseng hore e be e ngata ka maqiti kapa lewa le kenyeletsang ho bolela ka ho hlaka ka "cash filp," "money flip," kapa mantswe a tshwanang le ona.
Dikateng tsa Thekolohelo tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Dikopo tsa boqhekanyetsi tsa tjhelete kapa dinyehelo ka mabaka a thekolohelo.
Dikateng tsa Marato tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Maiteko a boqhekanyetsi a ho theha dikamano tsa marato inthaneteng ka ho kopa ho ba molekane kapa kamano eo e seng ya thobalano le ho tshepisa kapa ho kopa tjhelete kapa ntho e tshwanang le yona e le phapanyetsano.
Lebitso la Kgwebo le Thibetsweng kapa Dikateng tsa ho Tjheha Leraba ka Batho ba Tummeng
Sena se kenyeletsa:
- Disekeme tsa ho tjheha leraba ka lebitso la kgwebo, tse kenyeletsang ho ikgakanya di ka hore di emela, di bua ka lentswe la, kgwebo kapa setheo se tsitsitseng, hammoho le maqiti a kgelosang a ho hohela batho ho sebedisana le dikateng ka boiteko ba ho skema kapa ho qhekella.
- Disekeme tsa ho tjheha leraba ka batho ba tummeng, tse kenyeletsang tshebediso ya lebitso la boikgakanyo, ho tshwana, kapa setshwantsho sa motho ya hlahelletseng setjhabeng, hammoho le maqiti a kgelosang ho tshwasa batho hore ba angwe ke dikateng ka boiteko ba ho ba skema kapa ho ba qhekella.
Dikateng Tse Thibetsweng Tsa Ho Rera Ka Potlako
Sena se kenyeletsa:
- Ditshepiso tsa menyetla ya meputso e teng ya ditjhelete e sa utlwahaleng ka boiteko bo sa hlakang kapa bo bonyane.
Dikateng tse Thibetsweng tse Ntho eo Motho a ka e Amang, tsa Semoya kapa tsa Illuminati
Sena se kenyeletsa:
- Tse tshepisang meputso eo motho a ka e amang, tse kang tjhelete, thepa, kapa ditshebeletso tse nang le boleng ba tjhelete ho kenyeletsa ditjhelete tse tshwarehang, tsa dijithale le tsa marangrang, le thepa e tshwarehang kapa ya dijithale le ditshebeletso bakeng sa ho ba setho kapa mabapi le ho joena mokgatlo, lequlwana la tumelo, sehlopha sa bodumedi (ka mohlala, baena ba Illuminati).
- Tse tshepisang meputso eo motho a ka e amang bakeng sa ho sebedisa boloi kapa ho loya kapa dinthwana tsa boselamose (ka mohlala,mehlolo, dinthwana tsa mahlohonolo, dipetja, dithoukene, meriana, sepatjhe sa mehlolo, jj.)
Dikateng tsa Inshorense tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Ditshepiso tsa inshorense ya leshano, e nyehlisitsweng haholo ka dikopo tsa tefello e tlang pele, e kang tefello ya tsamaiso kapa dipositi.
- Ditshepiso tsa inshorense ya leshano, e nyehlisitsweng haholo ka ditshepiso tsa ho baballa tjhelete e ngata tsa inshorense ha ho bapiswa le bafani ba inshorense ba tlwaelehileng.
Dikateng Tsa Mosebetsi Tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Ditshepiso tsa mesebetsi tse se nang tlhahisoleseding efe kapa efe mabapi le mohiri le ditlhokeho tsa mosebetsi, di bua feela ka dikgeo tsa mosebetsi.
- Tse tshepisang ho sebeletsa lapeng empa sehlooho sa mosebetsi se lohotha hore mosebeletsi a ke ke a sebeletsa lapeng (WFH).
- Ditshepiso tsa mesebetsi tse tshepisang moputso le pele ho mosebetsi.
- Ditshepiso tsa mesebetsi e nang le karanti.
- Tse tshepisang mesebetsi e batlang tefello pele ho fanwa ka mosebetsi.
Dikateng tsa Kimollo ya Sekoloto le Tokiso ya Mokitlane tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Tse tshepisang ho tlosa kapa ho fokotsa sekoloto ka tjhelete e itseng ka bolelele ba nako e itseng.
- Tse tshepisang ho emisa ho kolekwa ha dikoloto tsohle kapa ho emisa dinyewe.
- Tse tshepisang ho tlosa tlhahisoleseding ya mokitlane ditlalehong tsa mokitlane kapa ho etsa "boitsebiso ba mokitlane" bo botjha.
Dikateng tsa Dimpho tse Thibetsweng
Sena se kenyeletsa:
- Ditshepiso tsa leshano tsa moputso wa tjhelete ya nnete kapa thepa ya mosebedisi (e kang dielektroniki, dikoloi, kapa mabenyane) ntle le ketso efe kapa efe e batlwang ke mosebedisi ka nqane ho aba tlhahisoleseding ya hae ka seqo kapa ya ditjhelete.
- Ditshepiso tsa leshano tsa tjhelete ya dikerante kapa mananeo a mmuso.
Dikateng tse Thibetsweng tsa Tefello e Etswang Pele
Sena se kenyeletsa:
- Tse tshepisang ka leshano tjhelete ka phapanyetsano ya tjhelete e patalwang pele/ka mohala/tefo.
Ho sa natswe tse ka hodimo mona, ha re thibele dikateng tse tshwelwang ka mathe, tse hlahisang temoso ya, kapa tse rutang ba bang ka diskeme kapa ditlwaelo tse ding tse thibetsweng tsa kgwebo, ntle le ho utulla tlhahisoleseding e hlokolosi kapa ho di kgothaletsa.
Ho phaella ho tloseng diakhaonto tse hatikelang leano la rona la Diketso Tse Thibetsweng Tsa Kgwebo, disistime tsa rona tse sebetsang ka ho iketsahalla di sekaseka letoto la matshwao a boitshwaro ho thusa ho hlwaya le ho fokotsa khonthakte e sa batleheng le ho pepesetsa batho ketso ya ho sekema batho.
- Re ka nna ra kgina diakhaonto kapa ra thibela phihlello ya dihlahiswa le difitjhara (mohl., bokgoni ba ho romela diakhaonto tse itseng melaetsa) ho ya ka motswako wa maitshwaro a kang ho romela melaetsa e sa batleheng ho batho bao o sa ba lateleng, ho fana ka boitsebiso bo fosahetseng ka boomo ba sebaka seo o leng ho sona, kapa ho ba motsamaisi wa dihlopha (mohl., Maqephe) tseo re di tlositseng ka lebaka la ho hatikela maano a rona a skeme.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re ka di qobellang:
Re ka nna ra tlosa dikateng:
- Tse kenyeletsang boqhekanyetsi kapa diskeme tse tlalehilweng ke setheo se tshepahalang.
- Tse thaothang batho ho nka karolo dinyeweng tsa sehlopha ka ho sebedisa maqheka a thetsang, a kang ho ikgakanya eka o setheo sa mmuso kapa mokgatlo wa ditaba, kapa ho sebedisa dipolelo tse phahamisang maikutlo kapa tse feteletsang.
- Tse kenyeletsang ditheo tse nkang karolo ho kapa ho etsa dipolelo tsa ho kena boitshwarong ba boqhekanyetsi kapa skeme, ho kenyeletsa tshebediso ya diakhaonto tse ngata ditshebeletsong tsa rona ka kopanelo ho tswela pele ka maitshwaro a boqhekanyetsi.
Re dumella dikateng tseo ka ho le leng di akaretswang ke leano lena ha di phoustuwa ka lebaka la ho tshwela ka mathe, la thuto, ho fana ka temoso kapa ho tlaleha ditaba.
29 Mph 2026
Policy Rationale
We aim to protect users and businesses from being deceived out of their money, property, or personal information. To do so, we prohibit content and behavior that employ prohibited commercial practices. This includes false job or government program offers, celebrity and brand bait, investment schemes (including guaranteed returns), debt relief and credit repair schemes, get-rich-quick and giveaway schemes, romance schemes, and charity schemes.
We allow people to raise awareness of, educate others about, and condemn scams and other prohibited commercial practices, provided they do not reveal sensitive information or promote them.
For policies related to Prohibited Documents and Financial Services, see the Restricted Goods and Services Community Standards.
Our enforcement isn’t perfect, and we may not detect all policy violations. To learn more about how to spot deceptive content and what you can do to help protect yourself, visit our Scam Protection Center.
Enforcement
We may take a range of enforcement actions, including but not limited to removing content and ads, reducing distribution, restricting advertising accounts, limiting features, requiring verification, or disabling accounts. These actions may result from our own proactive detection, or be informed by reports from trusted entities and user feedback (described below).
User Feedback
User feedback helps us identify commercial practices that create poor user experiences. We consider signals such as consistent patterns or disproportionate volumes of negative feedback, and we share relevant feedback with advertisers and sellers so they can improve their content and customer satisfaction. Where negative feedback persists despite warnings, we may take the actions above, up to restricting or disabling the responsible accounts or entities. This includes taking enforcement on practices such as:
- Misleading or unreasonable pricing.
- Non-delivery: failure to deliver purchased products or services after payment has been made.
- Product misrepresentation: promoting products or services that materially differ from what was advertised, including significant discrepancies in quality or incorrect items.
- Unauthorized charges: charging a customer’s payment method without prior authorization or clear disclosure.
- Violation of return or refund policies: failure to honor stated refund or return policies.
- Deceptive subscription practices: enrolling customers in recurring payment plans or subscription services without clear disclosure of terms.
- Links that appear to lead to legitimate commercial sites but instead lead to scam sites.
We do not allow:
Content that uses deceptive tactics to mislead people or businesses for commercial or financial gain, including but not limited to:
Prohibited Loan Content
This includes:
- Loan offers requiring the user to pay an upfront fee to obtain a loan.
- Loan offers that guarantee approval without any mention of standard approval criteria, such as financial information from the borrower.
Prohibited Gambling Content
This includes:
- Offers of real money gambling services (“Real money” is real-world currency that can be used to buy goods or services in the real world, including national currencies such as U.S. Dollars and virtual currencies such as Bitcoin):
- with a guarantee of winning.
- implying or admitting to have rigged the outcome of a game or match
- soliciting people to enable match fixing or looking for help or tips on how to fix a match or game
- promoting gambling services in deceptive or obfuscated ways (such as unrelated text paired with a gambling promo image/video)
- Offers that promote services from known deceptive gambling vendors.
Social casino games that simulate gambling with no opportunity to win real money are covered by our Community Standard for Restricted Goods and Services.
Prohibited Investment Content
This includes:
- Offers of investment opportunities where returns on investment are guaranteed or risk-free.
- Offers of investment opportunities where returns on investment or compensation is partly or fully based on recruitment of others to participate in the scheme.
- Offers of investment opportunities claiming or referencing successful past performance or returns to create an expectation of similar future results.
- Offers of investment opportunities that claim quick returns (such as under 24 hours).
- Offers to turn a certain sum of money into a larger one through flipping or trick or strategy involving explicit mentions of “cash flip,” "money flip,” or similar terminology.
Prohibited Charity Content
This includes:
- Fraudulent requests for money or donations for charitable causes.
Prohibited Romance Content
This includes:
- Fraudulent attempts to establish online romantic relationships by seeking non-sexual companionship or relationship and offering or asking for money or its equivalent in exchange.
Prohibited Brand or Celebrity-Bait Content
This includes:
- Brand-bait scams, which involve falsely claiming to represent, or speak in the voice of, an established business or entity, together with misleading tactics to bait people into engaging with the content in an attempt to scam or defraud.
- Celebrity-bait scams, which involve falsely using the name, likeness, or imagery of a public figure, together with misleading tactics to bait people into engaging with the content in an attempt to scam or defraud.
Prohibited Get Rich Quick Content
This includes:
- Offers of opportunities of unrealistic financial reward for unclear or minimal effort.
Prohibited Tangible, Spiritual or Illuminati Content
This includes:
- Offers tangible rewards, such as money, goods, or services that have a monetary value including physical, digital and virtual currencies, and physical or digital goods and services for membership in or joining an association, cult, religious sect (for example, the Illuminati brotherhood).
- Offers tangible rewards for using black magic or spells or magical items (for example, spells, lucky charms, amulets, tokens, potions, magic wallet, etc.).
Prohibited Insurance Content
This includes:
- Offers of false, heavily discounted insurance with requests for an up-front fee, such as an administration fee or deposit.
- Offers of false, heavily discounted insurance with promises of significant savings on insurance compared to conventional insurance providers.
Prohibited Job Content
This includes:
- Offers of jobs containing no information about the employer and job specifications, simply referencing job vacancies.
- Offers of work from home but the job title implies the employee cannot WFH.
- Offers of jobs with advance promises of salary.
- Offers of guaranteed jobs.
- Offers of jobs with a demand for an advance fee before the job is granted.
Prohibited Debt Relief and Credit Repair Content
This includes:
- Promises to eliminate or reduce debt by a particular amount in a set period of time.
- Promises to stop all debt collections or lawsuits.
- Promises to remove credit information from credit reports or create new "credit identity."
Prohibited Giveaway Content
This includes:
- False offers of a guaranteed reward of real money or consumer goods (such as electronics, vehicles, or jewelry) without any action required by the user beyond sharing personal or financial information.
- False offers of money from government grants or programs.
Prohibited Advance Fee Content
This includes:
- Falsely promises money in exchange for an up-front fee/wire transfer/payment.
Notwithstanding the above, we do not prohibit content that condemns, raises awareness of, or educates others about scams or other prohibited commercial practices, without either revealing sensitive information or promoting them.
In addition to removing accounts that violate our Prohibited Commercial Practices policy, our automated systems consider a range of behavioral signals to help identify and limit unwanted contact and exposure to potential scam activity.
- We may disable accounts or restrict access to products and features (e.g. the ability to message certain accounts) based on a combination of behaviors such as sending unsolicited messages to people who you do not follow, deliberately misrepresenting your location, or being an admin of communities (e.g. Pages) we have removed for violating our scam policies.
For the following Community Standards, we require additional information and/or context to enforce:
We may remove content that:
- Involves frauds or scams that have been reported by a trusted entity.
- Recruits people to participate in class action lawsuits using deceptive tactics, such as impersonating a government entity or news outlet, or using sensationalist or exaggerated claims.
- Involves entities participating in or claiming to engage in organized fraud or scam behavior, including the use of multiple accounts on our services in concert to perpetrate fraudulent behaviors.
We allow content that is otherwise covered by this policy when posted in condemnation, educational, awareness raising, or news reporting contexts.