Ditlolo tsa Molao wa ho Boloka Lekunutu
Dintlha tsa leano
FETOLA HO KENA
Kajeno
2 Mph 2024
26 Phn 2024
29 Phn 2023
23 Tlhk 2023
29 Lts 2022
24 Tlhk 2022
24 Pdn. 2021
30 Lts 2021
18 Pdn. 2020
30 Pdn. 2018
29 Phn 2018
Mabaka a Leano
Ditshebeletso tsa rona di rerile ho sireletsa lekunutu le tlhahisoleseding ya botho ya basebedisi ba ditshebeletso tsa rona. Re sebetsa ka thata bakeng sa ho sireletsa boitsebiso le tlhahisoleseding ya hao ya botho mme ha re dumelle batho ho phousta mefuta e meng ya tlhahisoleseding ya botho kapa ya sephiri ya bona ka bobona kapa ya ba bang. Hape re neha batho ditsela tsa ho tlaleha setshwantsho seo ba dumelang hore se hatikela ditokelo tsa bona tsa lekunutu.
Re tlosa dikateng tse abang, tse tshepisang kapa tse kopang tlhahisoleding e ka hlwayang motho kapa tlhahisoleseding e nngwe ya poraefete e ka bakang ho lemala mmeleng kapa ho senyehelwa ditjheleteng, ho kenyeletsa dintlha tsa ditjhelete, bodulo, le tsa bongaka, hammoho le dintlha tsa poraefete tse fumanweng mehloding eo e seng ya semolao. Re ananela hore tlhahisoleseding ya poraefete e ka fumaneha phatlalatsa ka ditaba, ka difaele tsa kgotla, dingolwa tsa boraditaba kapa mehlodi e meng. Ha seo se etsahala, re ka nna ra dumella hore dintlha tseo di phoustuwe.
Re na le dithibelo tse ding bakeng sa dikateng tse lefellwang. Leha re dumella dipapatso tse fanang ka boiphihlelo bo botle ba basebedisi ka ho tsepamisa maikutlo dintlheng tsa sehlahiswa kapa tshebeletso, re tlosa dikateng tse nkang monyetla ka mathata a mosebedisi, tse bonahalang di hlahisa sebopeho se sebe kapa se fosahetseng ka motho eo kapa tse fanang ka maikutlo a ho ba le tsebo ya tlhahisoleseding ya lekunutu ya motho. Bakeng sa tlhahisoleseding e batsi bakeng sa dikateng tse lefellwang, sheba Molao wa Bobapatsi wa Dikgatikelo tsa Lekunutu le Ditshobotsi tsa Bowena.
Ha re dumelle:
Dikateng tse abang kapa tse kopang tlhahisoleseding ya poraefete, e ka ba ho ditshebeletso tsa rona kapa ka dilinki tse ka thoko, ka tsela e latelang.
Tlhahisoleseding e ka senolang motho (PII)
- Dikateng tse abang Tlhahisoleseding e Senolang Motho (tlhahisoleseding e hlwayang motho ka tsela e ikgethang) ya phouste kapa ya ba bang. Sena se kenyeletsa:
- Dinomoro tsa naha tsa boitsebiso tse kang dinomoro tsa tshireletso ya bosetjhaba (SSN), dinomoro tsa phasepoto kapa dinomoro tsa motho tsa boitsebiso tsa molefi wa lekgetho (ITIN)
- Di-ID tsa mmuso tsa basebeletsi ba sepolesa, ba sesole kapa ba tshireletso.
- Direkoto kapa ditokomane tsa semmuso tsa tlhahisoleseding ya ngodiso ya baahi tse kang ditokomane tsa lenyalo, tswalo, lefu, ho fetola lebitso kapa kananelo ya bong
- Ditokomane tsa bofalli le tsa boemo ba mosebetsi tse kang, dikarete tse tala, ditumello tsa ho sebetsa kapa divisa
- Dikateng tse kopang Tlhahisoleseding e Senolang Batho ba bang
Dintlha Tsa Motho Tsa Boiteanyo
- Dikateng tse abang tlhahisoleseding ya batho ba bang ya boiteanyo, ntle le ha di hlahiswa phatlalatsa ke motho ka boyena kapa ha e abuwa kapa e koptjwa bakeng sa ho kgothaletsa ditaba tsa thekolohelo, ho thusa ho fumana batho ba lahlehileng, diphoofolo kapa beng ba dintho tse lahlehileng, kapa ho iteanya le kgwebo kapa mofani wa ditshebeletso (ntle leha ho tiisitswe hore tlhahisoleseding ya boiteanyo ya motho e abuwa ntle le tumello ya hae).
Dintlha tsa bodulo
- Dikateng tse abang diaterese tsa bodulo ka botlalo tsa batho ba bang, ho kenyeletsa lebitso la moaho kapa di-pin tsa mmapa tse hlwayang aterese (esita leha di-pin di le linking e ka thoko ho lepatlelo), ntle le maemong a latelang:
- ha di abuwa ho buella merero ya thekolohelo, di thusa ho fumana batho ba lahlehileng, diphoofolo, kapa beng ba dintho tse lahlehileng, kapa ho iteanya le kgwebo kapa bafani ba ditshebeletso
- ha bodulo e le bodulo ba semmuso kapa ntlo ya bonqosa e fuweng mohlanka wa setjhaba wa maemo a hodimo
- Dikateng tse abang diaterese tsa bodulo tse sa fellang tsa porofaete ya ba bang (ntle leha bodulo e le bodulo ba semmuso kapa ntlo ya bonqosa e fuweng mohlanka wa setjhaba wa maemo a hodimo):
- Ha di abuwa boemong ba ho hlophisa matsholo a boipelaetso kapa ho beha leihlo moahi le sebaka sa bodulo se hlwaile ka efe kapa efe ya tse latelang:
- Seterata
- Toropo kapa motse (bakeng sa ditoropo tse nang le baahi ba ka tlase ho 50,000)
- Khoutu ya poso
- Diphini tsa GPS le diphini tse mmapeng tse hlwayang efe kapa efe ho tsena (le haeba diphini di le linking e seng lepatlelong)
- Setshwantsho se pepesang tjhebeho ya ka ntle ya bodulo ba poraefete haeba a mang a maemo ana a le teng:
- Bodulo ke lehae la lelapa le le leng, kapa nomoro ya yuniti/lebitso la moaho le hlwailwe setshwantshong/mongolong o hlalosang setshwantsho.
- Sebaka sa bodulo se hlwauwa ka efe kapa efe ya tse latelang:
- Seterata
- Toropo kapa motse (bakeng sa ditoropo tse nang le baahi ba ka tlase ho 50,000)
- Khoutu ya poso
- Diphini tsa GPS le diphini tse mmapeng tse hlwayang efe kapa efe ho tsena (le haeba diphini di le linking e seng lepatlelong)
- Dikateng di hlwaya mo/badudi.
- Moahi o hanyetsa ho pepeswa ha sebaka sa hae sa bodulo se poraefete, kapa ho na le boemo ba ho hlophisa boipelaetso kgahlanong le modudi.
- Setshwantsho sa bodulo ha se abuwe hobane bodulo ke yona ntho e ka sehloohong eo pale ya ditaba e amehileng ka yona (ntle leha se abuwa ka moelelo wa ho hlophisa boipelaetso kgahlanong le moahi)
- Dikateng tse kopang tlhahisoleseding ya poraefete ya bodulo ya ba bang (ntle le ha bodulo e le bodulo ba bahlanka ba mmuso kapa ntlo ya bonqosa e fuweng mohlanka wa setjhaba wa maemo a hodimo):
- Dikateng tse kopang sebaka sa matlo a botshabelo kapa tse pepesang tlhahisoleseding ya matlo a botshabelo kapa ho aba leha e le sefe sa tse ka tlase mona (ntle ha ntlo ya botshabelo e bapatsa ka matla tlhahisoleseding ya sebaka sa bona)
- Aterese ya sebele (Ela hloko: Ho dumeletswe "Lebokose la Poso feela".)
- Ditshwantsho tsa ntlo ya botshabelo
- Motsemoholo/sebaka sa ntlo ya botshabelo
- Tlhahisoleseding e pepesang boitsebiso batho ba dulang ntlong ya botshabelo
Tlhahisoleseding ya bongaka
- Dikateng tse abang kapa tse kopang tlhahisoleseding ya bongaka, ya boemo ba kelello, ya dikgatiso tsa menwana, kapa ya lefutso ya batho ba bang (ho kenyeletsa le ha e hlahiswa ditshwantshong kapa e abuwa ka modumo kapa vidio), ha ho totobetse hore tlhahisoleseding eo e hlaha direkotong tsa bongaka kapa ditokomaneng tse ding tsa semmuso.
Tlhahisoleseding ya ditjhelete
- Dikateng tse abang kapa tse kopang tlhahisoleseding ya ditjhelete ya motho mabapi le motho ya phoustang kapa ba bang, e hlaloswang e le tlhahisoleseding e mabapi le ditjhelete tsa motho ka seqo tse kenyeletsang:
- Direkoto kapa ditatemente tseo e seng tsa phatlalatsa tsa ditjhelete.
- Dinomoro tsa diakhaonto tsa banka tse nang le dikhoutu tsa polokeho kapa diphini.
- Tlhahisoleseding ya mokgwa wa tefello wa dijithale o nang le dintlha tsa ho kena, dikhoutu tsa polokeho kapa diphini.
- Tlhahisoleseding ya karete ya kerediti kapa ya debiti e nang le letsatsi leo e felang ka lona kapa diphini tsa polokeho kapa dikhoutu.
- Dikateng tse abang kapa tse kopang tlhahisoleseding ya ditjhelete eo e seng ya phatlalatsa ya kgwebo kapa ya mokgatlo, e hlaloswang e le tlhahisoleseding ya ditjhelete ya kgwebo kapa ya mokgatlo, ntle ha e abuwa sethathong ke mokgatlo oo (ho kenyeletsa diabo tse tlang mme dintlha tsa mathomo di sa fetolwa) kapa e abuwa ho latela ditlhokeho tsa ho tlaleha phatlalatsa (ka mohlala jwalo ka ha ho batleha ke dibaka tsa phapanyetsano ya thepa kapa makala a bolaodi), ho kenyeletsa:
- Direkoto kapa ditatemente tseo e seng tsa phatlalatsa tsa ditjhelete
- Dinomoro tsa diakhaonto tsa banka tse nang le diphini tsa polokeho kapa dikhoutu.
- Tlhahisoleseding ya mokgwa wa tefello wa dijithale tse nang le dintlha tsa ho kena, diphini tsa polokeho kapa dikhoutu.
Tlhahisoleseding e fumanweng mehloding e hekhilweng
- Dikateng tseo motho ya di phoustileng a reng kapa tseo ho netefaditsweng hore di tswa mohloding o hekilweng, ho sa natswe hore na motho ya amehang ke ya hlaheletseng setjhabeng kapa motho wa poraefete.
Dikateng tse latelang le tsona di ka nna tsa tloswa:
- Foto kapa vidio ya batho e tlalehilweng moo motho a hlahiswang setshwantshong e leng:
- Ngwana ya ka tlasa dilemo tse 13 mme e le dikateng tse tlalehilweng ke ngwana ya tlase dilemong kapa motswadi kapa mohlokomedi ya amohelehang molaong.
- Ngwana ya pakeng tsa dilemo tse 13 le tse 18, mme dikateng di tlalehilwe ke ngwana ya tlase dilemong.
- Motho e moholo moo dikateng di tlalehilweng ke motho e moholo ya ka ntle ho naha ya Amerika mme molao o sebetsang o ka fana ka ditokelo tsa ho di tlosa.
- Mang kapa mang ya se nang matla le bokgoni ba ho tlaleha dikateng ka boyena.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
- Dintho tse Hlahisang Batho le Mehaho ya Bongaka, tse hlaloswang e le dikateng tse bontshang motho a le setsing sa bongaka kapa sa kalafo kapa motho wa poraefete kapa ngwana ya kenang kapa ya tswang setsing sa bongaka kapa sa kalafo, mme di tlalehwa ke:
- Motho ya setshwantshong
- Moemedi wa motho ya setshwantshong
- Mohaho wa bongaka kapa wa bophelo bo botle o nang le maikarabelo a ho hlokomela motho ya setshwantshong, kapa
- Mohaho wa bongaka kapa wa bophelo bo botle o hirileng motho ya setshwantshong
- Mohlodi wa ditaba o bolelang hore o pepesa tlhahisoleseding eo e seng ya phatlalatsa e tsamaelanang le dikgetho tse abjwang e le karolo ya tshebetso ya tshusumetso ya mmuso wa naha e nngwe.
- Re tlosa tlaleho ya ho nyenyelepa ha ditaba ho etswang ke mekgatlo ya ditaba e laolwang ke puso ya naha e thusang ka ho nyenyelepa ha ditaba.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Diskrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka ditlolo tsa molao wa ho boloka lekunutu
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona