Dintlha tse Fosahetseng

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Tlhahisoleseding e fosahetseng e fapana le mefuta e meng ya puo e sekasekilweng ho Melao ya Setjhaba ya rona hobane ha ho tsela ya ho lokodisa lenane le feletseng la hore na ke eng se thibetsweng. Ka mohlala, mabapi le dikgoka tse sisimosang kapa boitshwaro ba lehloyo, maano a rona a hlakisa dikateng tseo re di thibelang, mme esita le batho ba sa dumellaneng le maano ao ba ka a latela. Leha ho le jwalo, mabapi le tlhahisoleseding e fosahetseng, re ke ke ra fana ka motjha o jwalo. Lefatshe le dula le fetoha, mme seo e leng nnete ho jwale e ka nna ya se be nnete ka ho panya ha leihlo. Batho le bona ba na le maemo a fapaneng a tlhahisoleseding mabapi le se etsahalang bophelong ba bona, mme ba ka nna ba dumela hore ntho ke nnete empa ho se jwalo. Leano leo ha bonolo feela le thibelang “tlhahisoleseding e fosahetseng” le ke ke la fana ka temoso ya bohlokwa ho batho ba sebedisang ditshebeletso tsa rona mme le ke ke la phethiswa ka molao, kaha re se na phihlello e phethahetseng ya tlhahisoleseding.
Empa, maano a rona a lokodisa mekgahlelo e fapaneng ya tlhahisoleseding e fosahetseng le ho leka ho fana ka tataiso e hlakileng ya kamoo re sebetsanang le puo eo ha re e bona. Bakeng sa mokgahlelo ka mong, tsela eo re sebetsang ka yona e bontsha boiteko ba rona ba ho lekalekanya meetlo ya rona ya ho ntsha maikutlo, polokeho, seriti, bonnete, le lekunutu.
Re tlosa tlhahisoleseding e fosahetseng moo e ka nnang ya nyehela ka kotloloho kotsing e mothating wa ho etsahala ya hore motho a lemale mmeleng. Re boetse re tlosa dikateng tse ka nnang tsa nyehela ka kotloloho boitshunyakong ba metjha ya sepolotiki. Ha ho shejwa hore tlhahisoleseding e fosahetseng ke eng mekgahlelong ena, re sebedisana le ditsebi tse ikemetseng tse nang le tsebo le bokgoni ba ho hlahloba nnete ya dikateng le hore na ho ka etsahala hore di ka tlatsetsa ka kotloloho kotsing e ka nnang ya hlaha ya ho lemala. Ka mohlala, sena se kenyeletsa ho sebedisana le mekgatlo ya ditokelo tsa botho e teng e sebetsang naheng e itseng ho sekaseka bonnete ba mabarebare a ntwa ya bana ba thari.
Bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe yohle e fosahetseng, re tsepamisa maikutlo ntlheng ya ho fokotsa boteng ba yona le ho theha tikoloho e kgothaletsang puisano e molemo. Re a tseba hore hangata batho ba sebedisa tlhahisoleseding e fosahetseng ka ditsela tse seng kotsi, jwaloka ho feteletsa taba ("Sehlopha sena se na le rekoto e mpe ka ho fetisisa nalaneng ya dipapadi!") kapa ka motlae kapa ho phoqa ("Monna wa ka o sa tswa hapa Kgau ya Monna wa Selemo.") Hape ba ka nna ba pheta dintho tse ba hlahetseng ka dipale tse nang le dintlha tse sa nepahalang. Maemong a mang, batho ba bolela mehopolo ya bona e tebileng eo ba bang ba e nkang e le leshano kapa ba bolela ditaba tseo ba dumelang hore ke nnete empa ba bang ba nka di sa fella kapa di kgelosa.
Ho elellwa kamoo puo e jwalo e atileng kateng, re tsepamisa maikutlo hodima ho neha basebedisi ba rona tlhahisoleseding e molemo ha ho na le dikateng tse nang le bokgoni ba ho kgelosa kapa ho ferekanya. Jwalo ka karolo ya boiteko boo, kantle ho Amerika re etsa semphato le mekgatlo ya mekga ya boraro e hlahlobang dinnete dikarolong tse ngata tsa lefatshe ho lekola le ho reita nepahalo ya dikateng tse namang ka ho fetisisa mapatlelong a rona (sheba mona le mona bakeng sa katamelo ya rona Amerika). Ho qala Amerika, lenaneo la Community Notes le etsa hore batho ba kenye dintlha tse ngata diphousteng tsa Facebook, Instagram le Threads tse ka nnang tsa kgelosa kapa tsa ferekanya batho (sheba mona. Hape re fana ka mehlodi ho eketsa tsebo ya tsa diphatlalatso le tsa dijithale e le hore batho ba ka etsa qeto ya seo ba se balang, ba se tshepang le seo ba se abelanang. Re batla hore batho ba pepese, ba sebedisa thulusi ya rona ya pepeso ya AI, neng le neng ha ba phousta dikateng tse sa lefellweng bakeng sa ho bapatsa ka vidio ya difoto tse kang ke tsa nnete kapa modumo o utlwahalang e le wa nnete o entsweng ka mokgwa wa dijithale kapa o fetotsweng, mme re ka nna ra beha dikotlo haeba di hloleha ho etsa jwalo. Hape re ka nna ra kenya leibole ho dikateng tse itseng tse entsweng kapa tse fetotsweng ka mokgwa wa dijithale tse bakang ka ho qolleha kotsi e kgolo ya ho kgelosa batho tabeng ya bohlokwa setjhabeng.
Qetellong, re thibela dikateng le boitshwaro dikarolong tse ding tseo hangata di nyallanang le ho phatlalatswa ha tlhahisoleseding e fosahetseng. Ka mohlala, Melao ya Setjhaba ya rona e thibela diakhaonto tsa leshano, boqhekanyetsi, le boitshwaro boo e seng ba nnete bo hlophisitsweng.
Jwalo ka ha dibaka tsa inthaneteng le ka thoko di tjhentjha le ho fetofetoha, re tla tswella ho fetofetola maano ana. Diakhaonto tseo kgafetsa di abang tlhahisoleseding e fosahetseng e boletsweng ka tlase mona, ho phaella ntlheng ya hore dikateng tsa bona di nkelwa bohato ba molao ho ya ka leano lena, di fumana kgaso e fokoditsweng, tsa sehelwa meedi ya bokgoni ba tsona ba ho bapatsa, kapa tsa tloswa mapatlelong a rona. Tlhahisoleseding ya tlatsetso mabapi le se etsahalang ha Meta e tlosa dikateng e ka fumanwa mona.
Ditataiso
Dintlha tse fosahetseng tseo re di tlosang:
Re tlosa mefuta e latelang ya dintlha tse fosahetseng:
I. Temalo Mmeleng kapa Diketso tsa Dikgoka
Re tlosa dintlha tse fosahetseng kapa ditaba tsa mabarebare tse sa netefatswang tseo balekane ba ditsebi ba di nkileng e le tse ka nnang tsa baka ka kotloloho kotsi ho tshwara batho ka dikgoka hanghang kapa ho lemala mmeleng. Re hlalosa dintlha tse fosahetseng e le dikateng tse qoswang ka hore di nkuwa e le leshano ke batho ba ka thoko ba nang le matla. Re hlalosa mabarebare a ke keng a netefatswa e le polelo eo balekane ba ditsebi ba netefatsang hore mohlodi wa yona ho thata haholo ho o sala morao kapa ha ho kgonehe, e se nang mehlodi e ka tsheptjwang, moo ho se nang ho bonnete bo lakaneng ba hore qoso e pepeswe e le leshano kapa moo qoso e sa kgoleheng kapa e se nang kelello hore e ka kgoleha.
Re a tseba hore ka nako e nngwe dintlha tse fosahetseng tse ka nnang tsa bonahala e le ntho e nyane, ha ho buuwa ka taba e itseng, di ka baka kotsi ya ho lemala ha motho a se inthanete, ho kenyeletsa ditshoso tsa dikgoka tse ka bakang kotsi e matla ya hore motho a shwe, ho lemala hampe, kapa kotsing e nngwe ya temalo mmeleng. Re sebetsa le neteweke ya lefatshe lohle ya mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO), mekgatlo e sa etseng phaello, mekgatlo ya thekolohelo, le mekgatlo ya matjhaba e nang le botsebi ditabeng tsena tsa lehae.
Dinaheng tse kotsing e matla ya diketso tsa dikgoka setjhabeng, re sebetsa ka tsela ya ho shebela bothata pele le balekane ba lehae ho utlwisisa hore ke dipuo dife tse fosahetseng tse ka bakang ka kotloloho kotsi ya hore batho ba lemale mmeleng haufinyane. Ebe re sebetsa ho hlwaya le ho tlosa dikateng tsa dipuo tseo lepatlelong la rona. Ka mohlala, ka ho rerisana le ditsebi tsa lehae, re ka nna ra tlosa dikateng tse tswileng lekoteng tse bolelang ka bohata hore di bontsha diketso tsa dikgoka, mahlatsipa kapa baetsi ba dikgoka, dibetsa, kapa thepa ya sesole.
II. Dintlha tse Fosahetseng Tse Kotsi ho Tsa Bophelo bo Botle
Re buisana le mekgatlo e ka sehloohong ya tsa bophelo bo botle bakeng sa ho hlwaya dintlha tse fosahetseng tse ka nnang tsa baka ka kotloloho kotsi e ka nnang ya etsahala hanghang bophelong bo botle le polokehong ya setjhaba. Dintlha tse fosahetseng tse kotsi tse amanang le bophelo bo botle tseo re di tlosang di kenyeletsa tse latelang:
  • Dintlha tse fosahetseng ka diente. Re tlosa dintlha tse fosahetseng haholoholo ka diente ha ba ka boholong ditabeng tsa bophelo bo botle ba setjhaba ba entse qeto ya hore ntlha eo ke leshano mme e ka nna ya baka ka kotloloho hore batho ba hane ente haufinyane. Di kenyeletsa:
    • Diente di baka autism (Mohl: "Diente tse ngata ke lebaka la hore hobaneng bana ba bangata ba na le autism matsatsing ana.")
    • Diente di baka Bokudi bo Etsang Hore Masea a Shwe ka Tshohanyetso (Mohl:"Na ha o tsebe hore diente di baka SIDS?")
    • Diente di baka malwetse ao di reretsweng ho sireletsa batho kgahlanong le ona, kapa di etsa hore motho ya e fumanang ho be le kgonahalo ya ho tshwarwa ke bohloko boo (Mohl: "Ho thola ente hantlentle ho etsa hore ho be le kgonahalo ya ho tshwarwa ke bolwetse boo kaha ho na le dijine tsa bolwetse boo ka hare. Hlokomela!")
    • Diente kapa metswako ya tsona e a bolaya, e kotsi, e tjhefu, e a lematsa kapa e ka baka kotsi (Mohl:"Ha ho na taba, o ka nna wa hlaba ente, haeba o sa kgathalle ho kenya tjhefu mmeleng wa hao.")
    • Masole a mmele a tlhaho a bolokehile ho feta masole a mmele a bakwang ke ente (Mohl: “Ho bolokehile ka ho fetisisa ho tshwarwa feela ke bolwetse ho fapana le ente.")
    • Ho kotsi ho hlaba diente tse mmalwa ka nako e kgutshwane, leha nako eo e kgothaleditswe ke dingaka (Mohl: “O se ke wa hlaba ente e fetang e le nngwe ka nako e le nngwe, seo se kotsi -Ha ke kgathalle hore ngaka ya hao e reng!")
    • Diente ha di atlehe ho thibela lefu leo ho reretsweng hore le sireletse motho kgahlanong le lona. Leha ho le jwalo, bakeng sa diente tsa COVID-19, sefuba, le malaria, ha re tlose dipolelo tsa hore diente tseo ha di sebetse mabapi le ho thibela hore motho a se fumane divaerase tseo. (Mehlala: Tlosa - "Ente ya polio ha e etse letho ho thibela hore o se ke wa tshwarwa ke bolwetse boo"; Tlosa - "Hantlentle diente ha di etse letho ho thibela ho tshwarwa ke mafu a itseng"; Dumella - Ente ha e thibele hore o tshwarwe ke COVID-19, ke kahoo o ntseng o tshwanela ho emella hole le batho ba bang le ho kenya maske ha o le hara batho ba bang.")
    • Ho tshwarwa ke maselese ho ke ke ha o bolaya (ho hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa moelelo) (Mohl: Se kgathatsehe haeba o tshwarwa ke maselese, ha o bolaye.")
    • Vithamine C e atleha jwalo feela ka diente bakeng sa ho thibela malwetse ao di a reretsweng.
  • Dintlha tse fosahetseng ho tsa bophelo bo botle nakong ya maemo a tshohanyetso a bophelo bo botle ba setjhaba. Re tlosa dintlha tse fosahetseng nakong ya maemo a tshohanyetso a bophelo bo botle ba setjhaba ha ba boholong ho tsa bophelo ba nka qeto ya hore ntlha eo ke leshano mme e ka nna ya baka ka kotloloho kotsi ya hore motho a ka lemala mmeleng haufinyane, ho kenyeletsa le ka ho baka kotsi ya hore batho ba jale bolwetse bo kotsi kapa ba hane ente e amehang. Re hlwaya maemo a tshohanyetso a bophelo bo botle ba setjhaba re sebedisana le ba boholong ditabeng tsa bophelo lefatsheng lohle le naheng ena.
  • Ho kgothaletsa kapa ho buella dipheko tsa mohlolo tse kotsi bakeng sa ditaba tsa bophelo bo botle. Tsena di kenyeletsa dikalafo moo tshebediso e kgothaletswang, ditabeng tsa bophelo bo botle, di ka nnang tsa baka ka kotloloho kotsi ya temalo e matla kapa ho shwa, mme kalafo e se na tshebediso e molaong ya bophelo bo botle (mohl: bolitjhi, disepa, salofo e ntsho, sota).
III. Boitshunyako ho tsa Bakgethi kapa Palo ya Setjhaba
E le boiteko ba ho tiisa hore dikgetho le palo ya setjhaba di na le botshepehi, re tlosa dintlha tse fosahetseng tse ka nnang tsa baka ka kotloloho kotsi ya ho itshunyaka bokgoning ba batho ba ho nka karolo ditshebetsong tseo. Sena se kenyeletsa tse latelang:
  • Dintlha tse fosahetseng ka matsatsi, dibaka, dinako, le mekgwa ya ho vouta, ho ingodisetsa dikgetho, kapa ho nka karolo palong ya setjhaba.
  • Dintlha tse fosahetseng ya hore na ke mang ya ka voutang, ditshwaneleho tsa ho vouta, hore na voutu e tla balwa, le hore na ke tlhahisoleseding efe kapa thepa efe e lokelang ho fanwa e le hore motho a ka vouta.
  • Dintlha tse fosahetseng ka hore nkgetheng o tla kenela dikgetho kapa tjhe.
  • Dintlha tse fosahetseng mabapi le hore ke mang ya ka nkang karolo palong ya setjhaba, le hore ke tlhahisoleseding efe kapa thepa efe e lokelang ho fanwa hore motho a ka nka karolo.
  • Dintlha tse fosahetseng mabapi le ho ameha ha mmuso palong ya setjhaba, ho kenyeletsa, moo ho lokelang, hore dintlha tsa motho tsa palo ya setjhaba di tla abelwa lekala le leng la mmuso (leo e seng la palo ya setjhaba).
  • Dipolelo tse fosahetseng kapa tse sa tiiswang tsa hore Seteishine sa Sepolesa sa Amerika sa Bafalli le Madiboho (ICE) ke sebaka sa ho vouta.
  • Dipolelo tsa leshano tse totobetseng tsa hore batho ba tla tshwaetswa ke COVID-19 (kapa bolwetse bo bong bo tshwaetsanang) haeba ba nka karolo ha ho voutwa.
  • Dipolelo tsa leshano ka maemo a hajwale sebakeng sa ho vouta Amerika a neng a tla etsa hore ho vouta ho se kgonahale, jwalo ka ha ho tiisitswe ke ba ka boholong ba dikgetho.
Re na le maano a tlatsetso a reretsweng ho sebetsana dikgweletso tsa dikgoka, kgothaletso ya ho nka karolo ketsong e seng molaong, le dikgoeletso tsa boitshunyako bo hlophisitsweng dikgethong, tse emetsweng dikarolongtse ding tsa Melao ya Setjhaba ya rona.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re kenyeletsa leibole ya tlhahisoleseding:
Ditaba tse Henahenweng
Ditaba di ka editwa ka ditsela tse fapafapaneng. Maemong a mangata, diphetoho tsena ke tse bobebe, tse kang dikateng tse fokoditsweng kapa tse kgutsufaditsweng bakeng sa mabaka a bonono kapa ho kenngwa ha mmino. Maemong a mang, ho henahena ha ho bonahale mme ho ka kgelosa.
  • Dikateng tse Entsweng ka mokgwa wa Dijithale kapa tse Fetotsweng Tse ka Nnang tsa Kgelosa. Bakeng sa dikateng tseo ka nqa e nngwe di sa hatikeleng Melao ya Setjhaba, re ka nna ra beha leibole ya tlhahisoleseding karolong e ka pele ya dikateng - kapa ra qhelela ka thoko dikateng tse rometsweng e le papatso - ha dikateng e le setshwantsho kapa vidio hore e tshwane le ya nnete, kapa modumo hore o tshwane le wa nnete, tse entsweng kapa tse fetotsweng ka mokgwa wa dijithale, mme di baka kotsi e kgolo ya ho kgelosa setjhaba tabeng e bohlokwa setjhabeng.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Diskrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka dintlha tse fosahetseng
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona