Sehopotso

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Ha motho e mong a hlokahala, metswalle le ba lelapa ba ka kopa hore diakhaonto tsa hae di etswe sehopotso. Hang ha ho entswe sehopotso, ho hlaha mantswe "Ho hopola" hodima lebitso le profaeleng ya motho e le hore jwale akhaonto eo e ka fetoha setsha sa sehopotso. Ho etsa dikhaonto sehopotso ho thusa ho fa baratuwa ba hao monyetla wa ho ikgopotsa ebile ho e sireletsa kgahlanong le diketso tsa ho kena ho yona le ho e sebedisa ka bolotsana. Ho hlompha dintho tseo motho a di kgethileng ha a ntse a phela, re ikemisetsa ho boloka akhaonto ya hae ntle le diphetoho kamora lefu la hae.
Ho Facebook, re entse hore ho kgonehe hore batho ba hlwaye mohlahlami hore a hlokomele akhaonto kamora hore a hlokahale. Ho tshehetsa ba siameng, maemong a mang, re ka nna ra tlosa kapa ra fetola dikateng tse itseng ha mohlokomedi wa akhaonto kapa ditho tsa lelapa di kopa seo.
Dikopo tsa ho etsa diakhaonto tsa Facebook kapa tsa Instagram hore e be tsa sehopotso ha basebedisi ba tsona ba hlokahetse di ka etswa ka tlhahisoleseding e batlehang ke:
  • Metswalle ya Facebook
  • Balatedi ba Instagram
  • Ditho tsa lelapa tse nang le ditokomane tse loketseng
Bakeng sa mahlatsipa a polao kapa ho ipolaya, re tla tlosa dikateng tse latelang ho Facebook le Instagram haeba di hlaha fotong ya profaele ya mofu, fotong ya sekwahelo, kapa hara diphouste tsa thaemlaene ya moraorao ha re koptjwa ke setho sa lelapa la mofu. Hape re ka nna ra tlosa dikateng tsena ho Facebook ha re koptjwa ke mohlokomedi wa akhaonto ya Facebook ha o hlokahala:
  • Dikateng tse amanang le lefu la mofu.
  • Thoriso kapa tshehetso ya lefu, bolwetse kapa ho lemala ha mofu.
  • Senepe sa ntho e sebedisitsweng lefung la mofu.
  • Setshwantsho sa mmolai ya ahlotsweng kapa motho ya qoswang ka ho ba mmolai wa mofu.
  • Boemo ba kamano kapa boemo ba setswalle ba mmolai ya ahlotsweng kapa motho ya qoswang ka ho ba mmolai wa mofu
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang, re batla tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa dintlha tse amehang ho etsa diphetoho tse latelang ha re koptjwa ke moemedi ya dumeletsweng wa mofu ho Facebook feela, ke mohlokomedi wa akhaonto ha o hlokahala:
  • Ho tlosa ditshwaelo tse hatikelang molao profaeleng ya sehopotso, tseo ka tlwaelo di batlang hore motho a di tlalehe ka seqo hore re ka tseba hore ha di batlehe.
  • Ho fetola diseting tsa mofu tsa lekunutu phatlalatsa ho ya ho metswalle-feela haeba ho na le dikateng tse kotsi profaeleng.
  • Ho fetola lebitso profaeleng haeba le hatikela Melao ya Setjhaba ya rona, ho ya ka leano la rona la Lebitso la Nnete
  • Ho kenya metswalle kapa balatedi profaeleng haeba ba ne ba tlositswe kamora ho hlokahala ha mofu
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka sehopotso
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona