Kgatikelo ya Thepa ya Boiqapelo ya Mokga wa Boraro

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Meta e nkela hloohong ditokelo tsa thepa ya boiqapelo mme e itlamme ho sireletsa ditokelo tsena ha e ntse e kgothaletsa ho ntsha maikutlo, boqapi, le ntjhafatso boemong boo ho bona setjhaba se tshepanang.
Ka lebaka lena, re qobella leano le kgahlanong le ho phousta dikateng tse hatikelang ditokelo tsa motho e mong tsa thepa ya boiqapelo, ho kenyeletsa tokelo ya kgatiso, letshwao la kgwebo, kapa ditokelo tse ding tsa semolao. Re phatlalatsa tlhahisoleseding ya ditlaleho tsa ditokelo tsa thepa ya boiqapelo tseo re di amohelang Tlalehong ya Ponaletso ya Ditokelo tsa Thepa ya Boiqapelo.
Ho tlaleha dikateng tseo o utlwang hore di ka nna tsa hatikela ditokelo tsa hao tsa thepa ya boiqapelo, ka kopo etela Setsi sa Thuso sa Thepa ya Boiqapelo, etela Leqephe la Tshireletso ya Kgwebo la rona, kapa o nahane ka ho etsa kopo ya phihlello ho Tshireletso ya Ditokelo tsa Lebitso la Kgwebo.
Ha re fumana tlaleho e tswang ho motho ya nang le ditokelo kapa moemedi ya fuweng marapo, re tla tlosa kapa ho thibela dikateng tse amanang le:
  • Kgatikelo ya tokelo ya Dikgatiso.
  • Kgatikelo ya letshwao la kgwebo.
  • Thekiso le papatso ya thepa ya mokunyata
  • Ho ikamahanya le (ma)lebitso la kgwebo ka leshano
  • Tlolo kapa kgatikelo leha efe e nngwe ya ditokelo tsa thepa ya boiqapelo kapa ditokelo tse ding tsa thepa
Hape re tlosa dikateng:
  • Tse nang le matshwao a sisinyang hore dikateng di rekisa kapa di bapatsa thepa ya mokunyata e nang le mabitso a kgwebo
  • Tse nang le dilinki tse ka thoko ho polatefomo tsa diwebsaete tse etseditsweng thekiso kapa papatso ya thepa e belaellwang e le ya mokunyata
  • Tse rekisang kapa tse bapatsang thepa e belaellwang e le ya mokunyata tse tshwanang kapa tse tshwanang haholo le dikateng tse ileng tsa tlalehwa pele e le tsa mokunyata ke monga ditokelo
  • Tse abang, tse bapatsang, kapa tse thusang ka kgatikelo e belaellwang ya tokelo ya kgatiso
Re tlosa diakhaonto:
  • Tse amehang dikgatikelong tse iphetang tsa leano lena.
Re dumella dikateng tse dumeletsweng ke monga ditokelo le tse latelang dipehelo tse thehilweng tsa tshebediso e hlokang leeme
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka Tlolo ya Molao wa Tokelo ya Thepa ya Boiqapelo ya Mokga wa Boraro
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona