Boitshwaro bo e Seng ba Nnete
Dintlha tsa leano
FETOLA HO KENA
Kajeno
Mabaka a Leano
Boitshwaro bo se Nang Bonnete ke mefuta e rarahaneng e fapafapaneng ya thetso, e etswang ka neteweke ya thepa e se nang bonnete e laolwang ke motho kapa batho ba le bang, ka sepheo sa ho thetsa Meta le setjhaba sa rona kapa ho qoba phethiso ya Melao ya Setjhaba.
Moo baferekanyi ba batlang ho sitisa tsamaiso ka boomo ba sebedisang boitsebiso ba leshano hore ba amehe mefuteng e rarahaneng ya Boitshwaro Bo se Nang Bonnete, ba ameha ho Boitshwaro bo Hlophisitsweng Bo se Nang Bonnete (CIB).
Mehato le maemo ana a behilweng a ho phethisa molao a sebetsa ka ho se susumetswe ke monahano kapa kgopolo e itseng mme a reretswe ho tswala boemo boo ho bona batho ba ka tshepang batho le baahi ba sebedisanang le ona.
Ha re lemoha dineteweke tsena, re tlosa diakhaonto tsa mokunyata, Maqephe, Dihlopha kapa thepa e nngwe ya Meta e amehang ka kotloloho tshebetsong. Maemong ao ho ona batho bana le bona ba qalang, ba laolang, ba kenyeletsang, ba tobang kapa ba laolang Maqephe, Dihlopha kapa badudi ba emelang mekgatlo ya nnete e sa ameheng boitshwarong bo tlolang molao, re ka nna ra nka mehato ya ho tlosa batho ba tlolang molao mme ra dumella batho le badudi ba sa ameheng hore ba dule ditshebeletsong tsa rona.
Neng kapa neng ha ho kgoneha, re aba dintho tseo re di fumaneng mabapi le dineteweke tsa CIB Ditlhalehong tsa rona tsa Ditshoso Tsa Dira, tse fumanwang mona. Ditlaleho tsena ha di a rerelwa ho akaretsa mehato e teng kaofela ya diqobello tlasa leano la Boitshwaro bo se Nang Bonnete, empa di thusa kutlwisiso ya setjhaba sa rona ka mefuta e dulang e fetoha ya ditshoso tseo re tobanang le tsona mona.
Ha re dumelle:
Ketso, tshebediso kapa ho tleleima tshebediso ya Thepa ya Meta eo e Seng ya Nnete (Diakhaonto, Maqephe, Dihlopha, jj.) ka sepheo sa ho:
- Kgelosa Meta kapa basebedisi ba rona mabapi le boitsebiso, kapa motso wa babohi kapa setheo seo ba se emetseng
- Baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba.
- Tshebediso e mpe ya ditsamaiso tsa ho tlaleha tsa Meta ho hlokofatsa, ho tshosa kapa ho thodisa ba bang.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
Ha re dumelle:
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng, e leng se hlaloswang e le mefuta e rarahaneng ka tsela e ikgethang ya Boitshwaro bo se Nang Bonnete moo boitsebiso ba leshano e leng ba bohlokwa bakeng sa tshebetso mme batsamaisi ba sebedisa mekgwa e tletseng bora ho qoba ho fumanwa kapa ho hlaha di na le bonnete; mme
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha ho Boitshunyako ba Bolata, jwalo ka ha ho hlaloswa e le Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo batsamaisi ba neteweke ba sa duleng naheng e le nngwe le babohi bao tshebetso eo e ba tobileng.
- Mebuso e thehileng ditsela tsa moshwelella tsa ho thibela batho dikgokahanyong tsa setjhaba ho sebedisa mafapha a yona a mmuso, makala, kapa matlo a bonqosa a dinaha ho hana tshebediso ya qobello kapa dikgoka ka moelelo wa tlhaselo kgahlanong le botshepehi ba sebaka ba naha e nngwe e le kgatikelo ya Atikele ya 2(4) ya tjhata ya UN.
11 Tsh. 2025
Mabaka a Leano
Ha re lemoha dineteweke tsena, re tlosa diakhaonto tsa mokunyata, Maqephe, Dihlopha kapa thepa e nngwe ya Meta e amehang ka kotloloho tshebetsong. Maemong ao ho ona batho le bona ba qalang, ba tsamaisang, ba busang, ba tobang kapa ba laolang Maqephe, Dihlopha kapa badudi ba emelang ditheo tsa nnete tse sa ameheng boitshwarong bo tlolang molao, re ka nna ra nka mehato ya ho tlosa batho ba tlolang molao mme ra dumella batho le badudi ba sa ameheng hore ba dule ditshebeletsong tsa rona.
Neng kapa neng ha ho kgoneha, re aba dintho tseo re di fumaneng mabapi le dineteweke tsa CIB Ditlalehong tsa rona tsa Ditshoso Tsa Dira, tse fumanwang mona. Ditlaleho tsena ha di a rerelwa ho akaretsa mehato e teng kaofela ya diqobello tlasa leano la Boitshwaro bo se Nang Bonnete, empa di thusa kutlwisiso ya setjhaba sa rona ka mefuta e dulang e fetoha ya ditshoso tseo re tobanang le tsona mona.
Ha re dumelle:
- Ketso, tshebediso kapa ho tleleima tshebediso ya Thepa ya Meta eo e Seng ya Nnete (Diakhaonto, Maqephe, Dihlopha, jj.) ka sepheo sa ho:
- Ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba rona mabapi le
:boitsebiso, kapa motso wa babohi kapa setheo seo ba se emetseng - Boitsebiso, sepheo, kapa motso wa babohi kapa setheo seo ba se emetseng; kapa
- setumo sa dikateng kapa thepa e ditshebeletsong tsa rona; kapa
- ho ba monga thepa ya Meta kapa neteweke e laolang.
- Baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba.
- Tshebediso e mpe ya ditsamaiso tsa ho tlaleha tsa Meta ho hlokofatsa, ho tshosa kapa ho thodisa ba bang.
- Ho ameha thetsong e rarahaneng ka ho sebedisa Thepa ya Meta, ho kenyeletsa:
- Kabo e se Nang Bonnete: Ho sebedisa neteweke e hoketsweng ya thepa ya Meta ya nnete ho eketsa kabo ya dikateng, ka sepheo sa ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba yona ka setumo sa dikateng tse amehang.
- Ho Eketsa Babohi ba se Nang Bonnete: Ho sebedisa thepa ya Meta ka tsela e se nang bonnete ho eketsa palo ya babohi kapa ho latelwa ha thepa ya neteweke, ka sepheo sa ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba yona mabapi le motso, thuo kapa sepheo sa thepa kapa dithoto.
- Boitshwaro ba Bolata ba ho Hloka Bonnete: Ditheo tsa dinaheng tsa Melata tse sebedisang thepa ya Meta eo e se ya Nnete ho hlahisa ka leshano lentswe la lehae kapa la batho ba moo, ka sepheo sa ho kgelosa babohi mabapi le boitsebiso, sepheo kapa motso wa setheo seo di se emelang.
- Tshebedisano e se Nang Bonnete: Ho sebedisa neteweke e hoketsweng ya thepa ya Meta eo e seng ya nnete ho tsamaisa ditshebedisano tse ngata tsa bohata ka ditsela tse reretsweng hore di shebahale e le tsa nnete, ka sepheo sa ho kgelosa Meta le basebedisi ba yona mabapi le setumo sa dikateng.
- Mekgwa e Tshwanang Haholo ya Thetso: Maiteko a mang a mangata a tshwanang haholo a ho ipoledisa kapa a sebele a entsweng ke dineteweke tse batlang di rarahane, tse hoketsweng tsa thepa eo e seng ya nnete ya Meta ho thetsa Meta kapa basebedisi ba yona mabapi le motso, setumo kapa sepheo sa dikateng.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
Ha re dumelle:
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng, e leng se hlaloswang e le mefuta e rarahaneng ka tsela e ikgethang ya Boitshwaro bo se Nang Bonnete moo boitsebiso ba leshano
diakhaonto tsa mokunyatae leng tsa bohlokwa bakeng sa tshebetso le batsamaisi:ba sebedisa mekgwa e tletseng bora ho qoba ho fumanwa kapa ho bonahala eka di na le bonnete; mme- Ho sebedisa mekgwa e fosahetseng ho qoba ho lemohuwa kapa ho hlaha ka tsela e kang ke ya nnete; le
- Ho sebedisa ditekginiki tse fapafapaneng tse fosahetseng le tseo e seng tsa nnete ho fihlella merero ya mawa e akaretsang; le
- a haholoholo a batlang ho laola ngangisano ya setjhaba.
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha ho Boitshunyako ba Bolata, jwalo kaha ho hlaloswa e le Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo batsamaisi ba neteweke ba sa duleng naheng e le nngwe le babohi bao tshebetso eo e ba tobileng.
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha tabeng yaBoitshunyako ba Mmuso, di hlaloswa e le Boitshwaro bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo tshebetso e amahanngwang le moemedi wa mmuso.
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha tabeng ya Boitshunyako ba Bolata, jwalo ka ha ho hlaloswa e le Boitshwaro bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo batsamaisi ba neteweke ba sa duleng naheng e le nngwe le babohi bao tshebetso eo e ba tobileng
- Mebuso e thehileng ditsela tsa moshwelella tsa ho thibela batho dikgokahanyong tsa setjhaba ho sebedisa mafapha a yona a mmuso, makala, kapa matlo a bonqosa a dinaha ho hana tshebediso ya qobello kapa dikgoka ka moelelo wa tlhaselo kgahlanong le botshepehi ba sebaka ba naha e nngwe e le kgatikelo ya Atikele ya 2(4) ya tjhata ya UN.
2 Mph 2024
Mabaka a Leano
Ho ipapisitswe le boitlamo ba rona ba bonnete, ha re dumelle batho ho ikgakanya ditshebeletsong tsa ronaFacebook, ho sebedisa diakhaonto tsa mokunyata, ho etsa maqiti a ho matlafatsa setumo sa dikateng kapa ho kenella maitshwarong a reretsweng ho thusa dikgatikelo tse ding tlasa Melao ya Setjhaba ya rona. Boitshwaro bo se Nang Bonnete ke mefuta e rarahaneng e fapafapaneng ya thetso, e etswang ka neteweke ya thepa e se nang bonnete e laolwang ke motho kapa batho ba le bang, ka sepheo sa ho thetsa Meta le setjhaba sa rona kapa ho qoba phethiso ya Melao ya Setjhaba.
Moo batho ba fosahetseng ba sebedisang diakhaonto tsa mokunyata ho etsa maqheka a se nang bonnete a masene ka sepheo sa ho susumetsa ngangisano ya setjhaba - di kenakena ho seo re se hlalositseng e le Boitshwaro bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng - kapa maiteko a hlophisitsweng a ho susumetsa ngangisano ya setjhaba ka sepheo se mawa, moo diakhaonto tsa mokunyata e leng bohare ba tshebetso ena. Boitshwaro bona bo hatikelang bo nkelwa bohato bo matla haholo mme hangata karabelo e ikgethileng, ho ipapisitswe le maiteko a matla le masene a ho thetsa. Neng kapa neng ha ho kgoneha, re aba dintho tseo re di fumaneng ka dineteweke tsa Boitshwaro bo Hlophisitsweng bo se Nang Bonnete Ditlalehong Tsa Kotara Tsa Ditshoso tsa Bora, tse fumanwang mona. Ditlaleho tsena ha di a rerelwa ho akaretsa mehato e teng kaofela ya diqobello tlasa leano la Boitshwaro bo se Nang Bonnete, empa di thusa kutlwisiso ya setjhaba sa rona ka mefuta e dulang e fetoha ya ditshoso tseo re tobanang le tsona mona.
Leha hangata Boitshwaro bo se Nang Bonnete hangata bo amahanngwa le dikateng tsa setjhaba kapa tsa sepolotiki, re ikemiseditse ho thibela Boitshwaro bo se Nang Bonnete moelelong dikgetho - mehato ena ya qobello le melao e sebetsang ntle ho boitlamo ka lebaka la dikateng, tsa sepolotiki kapa ka tsela e nngwe. Leano lena le reretswe ho sireletsa bonnete ba dingangisano le dipuisano ditshebeletsong tsa rona, le ho theha sebaka moo batho ba ka tshepang batho le setjhaba seo ba sebedisanang le sona.
Ha re dumelle:
- Ketso, tshebediso kapa ho tleleima tshebediso ya Thepa ya Meta eo e Seng ya Nnete (Diakhaonto, Maqephe, Dihlopha, jj.) ka sepheo sa ho:
- Thetsa Meta kapa basebedisi ba rona ka:
- Boitsebiso, sepheo, kapa motso wa babohi kapa setheo seo ba se emetseng; kapa
- setumo sa dikateng tsa
Facebook kapa Instagramdikateng kapa thepa ditshebeletsong tsa rona; kapa - ho ba monga thepa ya Meta kapa neteweke e laolang.
- Baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba.
- Tshebediso e mpe ya ditsamaiso tsa ho tlaleha tsa Meta ho hlokofatsa, ho tshosa kapa ho thodisa ba bang.
- Ho ameha thetsong e rarahaneng ka ho sebedisa Thepa ya Meta, ho kenyeletsa:
- Kabo e se Nang Bonnete: Ho sebedisa neteweke e hoketsweng ya thepa ya Meta ya nnete ho eketsa kabo ya dikateng, ka sepheo sa ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba yona ka setumo sa dikateng tse amehang.
- Ho Eketsa Babohi ba se Nang Bonnete: Ho sebedisa thepa ya Meta ka tsela e se nang bonnete ho eketsa palo ya babohi kapa ho latelwa ha thepa ya neteweke, ka sepheo sa ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba yona mabapi le motso, thuo kapa sepheo sa thepa kapa dithoto.
- Boitshwaro ba Bolata ba ho Hloka Bonnete: Ditheo tsa dinaheng tsa Melata tse sebedisang thepa ya Meta eo e se ya Nnete ho hlahisa ka leshano lentswe la lehae kapa la batho ba moo, ka sepheo sa ho kgelosa babohi mabapi le boitsebiso, sepheo kapa motso wa setheo seo di se emelang.
- Tshebedisano e se Nang Bonnete: Ho sebedisa neteweke e hoketsweng ya thepa ya Meta eo e seng ya nnete ho tsamaisa ditshebedisano tse ngata tsa bohata ka ditsela tse reretsweng hore di shebahale e le tsa nnete, ka sepheo sa ho kgelosa Meta le basebedisi ba yona mabapi le setumo sa dikateng.
- Mekgwa e Tshwanang Haholo ya Thetso: Maiteko a mang a mangata a tshwanang haholo a ho ipoledisa kapa a sebele a entsweng ke dineteweke tse batlang di rarahane, tse hoketsweng tsa thepa eo e seng ya nnete ya Meta ho thetsa Meta kapa basebedisi ba yona mabapi le motso, setumo kapa sepheo sa dikateng.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
Ha re dumelle:
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng, e leng se hlaloswang e le mefuta e rarahaneng ka tsela e ikgethang ya Boitshwaro bo se Nang Bonnete kapa bo Kgelosang moo diakhaonto tse se nang bonnete e leng dintho tsa bohlokwa tshebetsong eo le ho batsamaisi:
- Ho sebedisa mekgwa e fosahetseng ho qoba ho lemohuwa kapa ho hlaha ka tsela e kang ke ya nnete; le
- Ho sebedisa ditekginiki tse fapafapaneng tse fosahetseng le tseo e seng tsa nnete ho fihlella merero ya mawa e akaretsang; le
- a haholoholo a batlang ho laola ngangisano ya setjhaba.
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha ho Boitshunyako ba Bolata, jwalo kaha ho hlaloswa e le Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo batsamaisi ba neteweke ba sa duleng naheng e le nngwe le babohi bao tshebetso eo e ba tobileng.
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha Boitshunyakong ba Mmuso, jwalokaha ho hlaloswa e le Boitshwarong bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo tshebetso e amahanngwang le moemedi wa mmuso
- Mebuso e thehileng ditsela tsa moshwelella tsa ho thibela batho dikgokahanyong tsa setjhaba ho sebedisa mafapha a yona a mmuso, makala, kapa matlo a bonqosa a dinaha ho hana tshebediso ya qobello kapa dikgoka ka moelelo wa tlhaselo kgahlanong le botshepehi ba sebaka ba naha e nngwe e le kgatikelo ya Atikele ya 2(4) ya tjhata ya UN.
18 Php 2024
Mabaka a Leano
Ho ipapisitswe le boitlamo ba rona ba bonnete, ha re dumelle batho ho ikgakanya ho Facebook, ho sebedisa diakhaonto tsa leshano, ho etsa maqiti a ho matlafatsa setumo sa dikateng kapa ho kenella maitshwarong a reretsweng ho thusa ho tlola e meng ya Melao ya Setjhaba ya rona. Boitshwaro bo se Nang Bonnete ke mefuta e rarahaneng e fapafapaneng ya thetso, e etswang ka neteweke ya thepa e se nang bonnete e laolwang ke motho kapa batho ba le bang, ka sepheo sa ho thetsa Meta le setjhaba sa rona kapa ho qoba qobello tlasa Melao ya Setjhaba.
Moo batho ba fosahetseng ba sebedisang diakhaonto tsa mokunyata ho etsa maqheka a se nang bonnete a masene ka sepheo sa ho susumetsa ngangisano ya setjhaba - di kenakena ho seo re se hlalositseng e le Boitshwaro bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng - kapa maiteko a hlophisitsweng a ho susumetsa ngangisano ya setjhaba ka sepheo se mawa, moo diakhaonto tsa mokunyata e leng bohare ba tshebetso ena. Boitshwaro bona bo hatikelang bo nkelwa bohato bo matla haholo mme hangata karabelo e ikgethileng, ho ipapisitswe le maiteko a matla le masene a ho thetsa. Neng kapa neng ha ho kgoneha, re aba dintho tseo re di fumaneng ka dineteweke tsa Boitshwaro bo Hlophisitsweng bo se Nang Bonnete Ditlalehong Tsa Kotara Tsa Ditshoso tse Fosahetseng, tse fumanwang mona. Ditlaleho tsena ha di a rerelwa ho akaretsa mehato e teng kaofela ya diqobello tlasa leano la Boitshwaro bo se Nang Bonnete, empa di thusa kutlwisiso ya setjhaba sa rona ka mefuta e dulang e fetoha ya ditshoso tseo re tobanang le tsona mona.
Leha Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo atisa ho amahanngwa le dikateng tsa setjhaba ka kakaretso kapa tsa dipolotiki, mme re itlamme ho thibela Boitshwaro bo e Seng ba Nnete ka moelelo wa dikgetho - diketso tsena tsa qobello le maemo a sebedisa ho se itlame ka dikateng, dipolotiking kapa ka tsela e nngwe.Leano lena le reretswe ho sireletsa bonnete ba dingangisano le puisano mabapi le ditshebeletso tsa rona,tshireletso ya diakhaonto tsa basebedisi le ditshebeletso tsa rona, le ho etsa sebaka moo batho ba ka tshepang batho le badudi bao ba sebedisanang le bona.
O se ke wa:
- Sebedisa diakhaonto tse ngata tsa Facebook kapa wa aba diakhaonto pakeng tsa batho ba bangata
- Sebedisa hampe mekgwa ya Facebook kapa Instagram ya ho tlaleha ho hlokofatsa ba bang
- Pata sepheo sa Leqephe ka ho kgelosa basebedisi ka hore na Leqephe ke la mang kapa hore na le laolwa ke mang
- Ho ameha kapa ho bolela hore o ameha boitshwarong boo eseng ba nnete, e leng se hlaloswang e le tshebediso ya thepa ya Facebook kapa Instagram (diakhaonto, Maqephe, Dihlopha, kapa Diketsahalo), ho kgelosa batho kapa Facebook:
- Mabapi le boitsebiso, sepheo, kapa motso wa setheo seo ba se emetseng.
- Mabapi le setumo sa dikateng kapa thepa ya Facebook kapa Instagram.
- Mabapi le sepheo sa babohi kapa setjhaba.
- Mabapi le mohlodi kapa motso wa dikateng.
- Ho baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba ya rona
- Ho ameha thetsong e rarahaneng ka ho sebedisa Thepa ya Meta, ho kenyeletsa:
- Kabo e se Nang Bonnete: Ho sebedisa neteweke e hoketsweng ya thepa ya Meta ya nnete ho eketsa kabo ya dikateng, ka sepheo sa ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba yona ka setumo sa dikateng tse amehang.
- Ho Eketsa Babohi ba se Nang Bonnete: Ho sebedisa thepa ya Meta ka tsela e se nang bonnete ho eketsa palo ya babohi kapa ho latelwa ha thepa ya neteweke, ka sepheo sa ho kgelosa Meta kapa basebedisi ba yona mabapi le motso, thuo kapa sepheo sa thepa kapa dithoto.
- Boitshwaro ba Bolata ba ho Hloka Bonnete: Ditheo tsa dinaheng tsa Melata tse sebedisang thepa ya Meta eo e se ya Nnete ho hlahisa ka leshano lentswe la lehae kapa la batho ba moo, ka sepheo sa ho kgelosa babohi mabapi le boitsebiso, sepheo kapa motso wa setheo seo di se emelang.
- Tshebedisano e se Nang Bonnete: Ka tshebediso ya neteweke eo e seng ya nnete ya dihlahiswa tsa Meta ho tsamaisa ditshebedisano tse ngata tsa bohata ka ditsela tse reretsweng hore di shebahale e le tsa nnete, ka sepheo sa ho kgelosa Meta le basebedisi ba yona mabapi le setumo sa dikateng.
- Mekgwa e Tshwanang Haholo ya Thetso: Maiteko a mang a mangata a tshwanang haholo a ho ipoledisa kapa a sebele a entsweng ke dineteweke tse batlang di rarahane, tse hoketsweng tsa thepa eo e seng ya nnete ya Meta ho thetsa Meta kapa basebedisi ba yona mabapi le motso, setumo kapa sepheo sa dikateng.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
Ha re dumelle:
Ha re dumelleDitheo ho kenella kapa ho bolela hore di kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng, bo hlaloswang e le mefuta e rarahaneng ya Boitshwaro boo e Seng ba Nnete moo diakhaonto tseo e seng tsa nnete e leng bohare ba tshebetso le basebedisi:tshebediso ya thepa e ngata ya Facebook kapa Instagram, e sebetsang mmoho ho kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete (jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo mona), moo tshebediso ya diakhaonto tsa mokunyata e leng bohare ba tshebetso ena- Ho sebedisa mekgwa e fosahetseng ho qoba ho lemohuwa kapa ho hlaha ka tsela e kang ke ya nnete; le
- Ho sebedisa ditekginiki tse fapafapaneng tse fosahetseng le tseo e seng tsa nnete ho fihlella merero ya mawa e akaretsang; le
- Haholoholo ho batla ho laola ngangisano ya setjhaba
Ha re dumelle ditheo ho kenella kapa ho bolela hore di ameha diketsong tsa boitshunyako ba dinaha tsa melata kapa ba mmuso, e leng Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng bo etswang lebitsong la motho wa molata kapa mmuso.- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha ho Boitshunyako ba Bolata, jwalo ka ha ho hlaloswa e le Boitshwaro bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng moo batsamaisi ba neteweke ba sa duleng naheng e le nngwe le babohi bao tshebetso eo e ba tobileng.
- Ditheo tse amehang, kapa tse ipolelang hore di ameha ka Boitshunyako ba Mmuso, jwalo ka ha ho hlaloswa e le Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng moo tshebetso e amahanngwang le motho wa mmuso.
Ha re dumelleMebuso e thehileng ditsela tsa moshwelella tsa ho thibela batho dikgokahanyong tsa setjhaba ho sebedisa mafapha a mmuso a semolao, makala, kapa matlo a bonqosa a dinaha ho hana tshebediso ya matla kapa diketsahalo tsa dikgoka ka moelelo wa tlhaselo kgahlanong le boikemelo ba sebaka ba naha e nngwe e le tlolo ya Atikele ya 2(4) ya tjhata ya UN.
Re fane ka dintlha tsa tlatsetso le ponaletso mabapi le mefuta e tlwaelehileng ya mawa a Boitshwaro bo Se nang Bonnete boo hangata re qobellang molao kgahlanong le ona. Re arotse mohopolo wa boitshunyako ba mmuso wa Bolata ka dikarolo tsa ona. Boitshunyako Bolata le Boitshunyako ba Mmuso. Re fane ka dintlha tse eketsehileng karolong ya Mabaka a Leano tse bolelang kamoo re nahanang kateng mabapi le Boitshwaro boo e Seng ba Nnete ka botebo, le ho bo amahanya le Tlaleho ya Ditshoso Tsa Dira ya Kotara, ho tlatseletsa hodima mehlodi e meng.
25 Mmesa 2022
Mabaka a Leano
Ho ipapisitswe le boitlamo ba rona ba bonnete, ha re dumelle batho ho ikgakanya ditshebeletsong tsa rona, ho sebedisa diakhaonto tsa mokunyata, ho etsa maqiti a ho matlafatsa setumo sa dikateng kapa ho kenella maitshwarong a reretsweng ho thusa dikgatikelo tse ding tlasa Melao ya Setjhaba ya rona. Boitshwaro bo se Nang Bonnete ke mefuta e rarahaneng e fapafapaneng ya thetso, e etswang ka neteweke ya thepa e se nang bonnete e laolwang ke motho kapa batho ba le bang, ka sepheo sa ho thetsa Meta le setjhaba sa rona kapa ho qoba phethiso ya Melao ya Setjhaba.
Moo batho ba fosahetseng ba sebedisang diakhaonto tsa mokunyata ho etsa maqheka a se nang bonnete a masene ka sepheo sa ho susumetsa ngangisano ya setjhaba - di kenakena ho seo re se hlalositseng e le Boitshwaro bo se Nang Bonnete bo Hlophisitsweng - kapa maiteko a hlophisitsweng a ho susumetsa ngangisano ya setjhaba ka sepheo se mawa, moo diakhaonto tsa mokunyata e leng bohare ba tshebetso ena. Boitshwaro bona bo hatikelang bo nkelwa bohato bo matla haholo mme hangata karabelo e ikgethileng, ho ipapisitswe le maiteko a matla le masene a ho thetsa. Neng kapa neng ha ho kgoneha, re aba dintho tseo re di fumaneng ka dineteweke tsa Boitshwaro bo Hlophisitsweng bo se Nang Bonnete Ditlalehong Tsa Kotara Tsa Ditshoso tse Fosahetseng, tse fumanwang mona. Ditlaleho tsena ha di a rerelwa ho akaretsa mehato e teng kaofela ya diqobello tlasa leano la Boitshwaro bo se Nang Bonnete, empa di thusa kutlwisiso ya setjhaba sa rona ka mefuta e dulang e fetoha ya ditshoso tseo re tobanang le tsona mona.
Leha hangata Boitshwaro bo se Nang Bonnete hangata bo amahanngwa le dikateng tsa setjhaba kapa tsa sepolotiki, re ikemiseditse ho thibela Boitshwaro bo se Nang Bonnete moelelong dikgetho - mehato ena ya qobello le melao e sebetsang ntle ho boitlamo ka lebaka la dikateng, tsa sepolotiki kapa ka tsela e nngwe. Leano lena le reretswe ho sireletsa bonnete ba dingangisano le dipuisano ditshebeletsong tsa rona, le ho theha sebaka moo batho ba ka tshepang batho le setjhaba seo ba sebedisanang le sona.
O se ke wa:
- Sebedisa diakhaonto tse ngata tsa Facebook kapa wa aba diakhaonto pakeng tsa batho ba bangata
- Sebedisa hampe mekgwa ya Facebook kapa Instagram ya ho tlaleha ho hlokofatsa ba bang
- Pata sepheo sa Leqephe ka ho kgelosa basebedisi ka hore na Leqephe ke la mang kapa hore na le laolwa ke mang
- Ho ameha kapa ho bolela hore o ameha boitshwarong boo eseng ba nnete, e leng se hlaloswang e le tshebediso ya thepa ya Facebook kapa Instagram (diakhaonto, Maqephe, Dihlopha, kapa Diketsahalo), ho kgelosa batho kapa Facebook:
- Mabapi le boitsebiso, sepheo, kapa motso wa setheo seo ba se emetseng.
- Mabapi le setumo sa dikateng kapa thepa ya Facebook kapa Instagram.
- Mabapi le sepheo sa babohi kapa setjhaba.
- Mabapi le mohlodi kapa motso wa dikateng.
- Ho baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba ya rona
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang, re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re ka di qobellang:
- Ha re dumelle ditheo ho kenellakapa ho bolela hore di kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng, bo hlaloswang e le tshebediso ya thepa e ngata ya Facebook kapa Instagram, e sebetsang mmoho ho kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete (jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo mona), moo tshebediso ya diakhaonto tsa mokunyata e leng bohare ba tshebetso ena
- Ha re dumelle ditheo ho kenella kapa ho bolela hore di ameha diketsong tsa boitshunyako ba bolata kapa ba mmuso, e leng Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng bo etswang lebitsong la motho molata kapa wa mmuso.
- Ha re dumelle mebuso e thehileng ditsela tsa moshwelella tsa ho thibela batho dikgokahanyong tsa setjhaba ho sebedisa mafapha a yona a mmuso, makala, kapa matlo a bonqosa a dinaha ho hana tshebediso ya matla kapa diketso tsa dikgoka kgahlanong le boikemelo ba sebaka ba naha e nngwe e le tlolo ya Atikele ya 2(4) ya tjhata ya UN.
17 Tsh. 2020
Karolo ya 22: Boitshwaro boo e Seng ba Nnete:
Mabaka a Leano
Ho ipapisitswe le boitlamo ba rona ba bonnete, ha re dumelle batho ho ikgakanya ho Facebook, ho sebedisa diakhaonto tsa leshano, ho etsa maqiti a ho matlafatsa setumo sa dikateng kapa ho kenella maitshwarong a reretsweng ho thusa ho tlola e meng ya Melao ya Setjhaba ya rona. Leano lena le reretswe ho sireletsa polokeho ya diakhaonto tsa basebedisi le ditshebeletso tsa rona, le ho theha sebaka seo batho ba ka tshepang batho le setjhaba seo ba sebedisanang le sona.
O se ke wa:
- Sebedisa diakhaonto tse ngata tsa Facebook kapa wa aba diakhaonto pakeng tsa batho ba bangata
- Sebedisa hampe mekgwa ya Facebook kapa Instagram ya ho tlaleha ho hlokofatsa ba bang
- Ho ameha kapa ho bolela hore o ameha Boitshwarong boo e seng ba Nnete, e leng se hlaloswang e le tshebediso ya thepa ya Facebook kapa Instagram (diakhaonto, maqephe, dihlopha, kapa diketsahalo), ho kgelosa batho kapa Facebook:
- mabapi le boitsebiso, sepheo, kapa motso wa setheo seo ba se emetseng
- mabapi le setumo sa dikateng kapa thepa ya Facebook kapa Instagram
- mabapi le sepheo sa babohi kapa badudi
- mabapi le mohlodi kapa motso wa dikateng
- ho baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba ya rona
- Ho kenella kapa ho bolela hore di kenella Boitshwarong bo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng, bo hlaloswang e le tshebediso ya thepa e ngata ya Facebook kapa Instagram, e sebetsang mmoho ho kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete (jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo mona), moo tshebediso ya diakhaonto tsa mokunyata e leng ya bohlokwa tshebetsong ena
- Ho kenella kapa ho bolela hore di ameha Diketsong tsa Boitshunyako ba tsa Dinaha tsa Melata kapa Mmuso, e leng Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng bo etswang lebitsong la motho wa molata kapa mmuso o mong.
7 Pdn. 2019
Karolo ya 22: Boitshwaro boo e Seng ba Nnete:
Mabaka a Leano
Ho ipapisitswe le boitlamo ba rona ba bonnete, ha re dumelle batho ho ikgakanya ho Facebook, ho sebedisa diakhaonto tsa leshano, ho etsa maqiti a ho matlafatsa setumo sa dikateng kapa ho kenella maitshwarong a reretsweng ho thusa ho tlola e meng ya Melao ya Setjhaba ya rona. Leano lena le reretswe ho bula sebaka moo batho ba ka tshepang batho le badudi bao ba sebedisanang le bona.
O se ke wa:
- Sebedisa diakhaonto tse ngata tsa Facebook kapa wa aba diakhaonto pakeng tsa batho ba bangata
- Sebedisa hampe mekgwa ya Facebook kapa Instagram ya ho tlaleha ho hlokofatsa ba bang
- Pata sepheo sa Leqephe ka ho kgelosa basebedisi ka thuo kapa taolo ya Leqephe leo
- Ho ameha kapa ho bolela hore o ameha Boitshwarong boo e seng ba Nnete, e leng se hlaloswang e le tshebediso ya thepa ya Facebook kapa Instagram (diakhaonto, maqephe, dihlopha, kapa diketsahalo), ho kgelosa batho kapa Facebook:
- mabapi le boitsebiso, sepheo, kapa motso wa setheo seo ba se emetseng
- mabapi le setumo sa dikateng kapa thepa ya Facebook kapa Instagram
- mabapi le sepheo sa babohi kapa badudi
- mabapi le mohlodi kapa motso wa dikateng
- ho baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba ya rona
- Ho kenella kapa ho bolela hore di kenella Boitshwarong bo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng, bo hlaloswang e le tshebediso ya thepa e ngata ya Facebook kapa Instagram, e sebetsang mmoho ho kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete (jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo mona), moo tshebediso ya diakhaonto tsa mokunyata e leng ya bohlokwa tshebetsong ena
- Ho kenella kapa ho bolela hore di ameha Diketsong tsa Boitshunyako ba tsa Dinaha tsa Melata kapa Mmuso, e leng Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng bo etswang lebitsong la motho wa molata kapa mmuso o mong.
10 Mph 2019
Karolo ya 22: Boitshwaro boo e Seng ba Nnete:(E Ntjha):
Ke kgale re na le maano a kgahlanong le boitshwaro boo e seng ba nnete, empa nakong e fetileng a ne a le tlasa karolo ya Boikgakanyo ya Melao ya Setjhaba sa rona. Re sa tswa apdeita leano morao tjena ho tswela pele ho ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho lwantsha maqiti a matjha le batho ba fosahetseng mme re ntshitse leano lena tlasa Boikgakanyo ho qala karolo e amanang feela le Boitshwaro boo e Seng ba Nnete.
Mabaka a Leano
Ho ipapisitswe le boitlamo ba rona ba bonnete, ha re dumelle batho ho ikgakanya ho Facebook, ho sebedisa diakhaonto tsa leshano, ho etsa maqiti a ho matlafatsa setumo sa dikateng kapa ho kenella maitshwarong a reretsweng ho thusa ho tlola e meng ya Melao ya Setjhaba ya rona. Leano lena le reretswe ho bula sebaka moo batho ba ka tshepang batho le badudi bao ba sebedisanang le bona.
O se ke wa:
- Sebedisa diakhaonto tse ngata tsa Facebook kapa wa aba diakhaonto pakeng tsa batho ba bangata
- Sebedisa hampe mekgwa ya Facebook kapa Instagram ya ho tlaleha ho hlokofatsa ba bang
- Ho ameha kapa ho bolela hore o ameha Boitshwarong boo e seng ba Nnete, e leng se hlaloswang e le tshebediso ya thepa ya Facebook kapa Instagram (diakhaonto, maqephe, dihlopha, kapa diketsahalo), ho kgelosa batho kapa Facebook:
- mabapi le boitsebiso, sepheo, kapa motso wa setheo seo ba se emetseng
- mabapi le setumo sa dikateng kapa thepa ya Facebook kapa Instagram
- mabapi le sepheo sa babohi kapa badudi
- mabapi le mohlodi kapa motso wa dikateng
- ho baleha qobello tlasa Melao ya Setjhaba ya rona
- Ho kenella kapa ho bolela hore di kenella Boitshwarong bo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng, bo hlaloswang e le tshebediso ya thepa e ngata ya Facebook kapa Instagram, e sebetsang mmoho ho kenella Boitshwarong boo e Seng ba Nnete (jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo mona), moo tshebediso ya diakhaonto tsa mokunyata e leng ya bohlokwa tshebetsong ena
- Ho kenella kapa ho bolela hore di ameha Diketsong tsa Boitshunyako ba tsa Dinaha tsa Melata kapa Mmuso, e leng Boitshwaro boo e Seng ba Nnete bo Hlophisitsweng bo etswang lebitsong la motho wa molata kapa mmuso o mong.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka boitshwaro boo e seng ba nnete
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona