Kganyapetso ya Batho

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Ka maiteko a ho sitisa le ho thibela kotsi, re tlosa dikateng tse thusang kapa hokahanyang kganyapetso ya batho, ho kenyeletsa kgwebisano ka batho. Re hlalosa kgwebisano ka batho e le kgwebo e amohang motho e mong bolokolohi bakeng sa phaello. Ke kganyapetso ya batho ka morero wa ho ba qobella ho kena thobalanong ya kgwebo, mosebetsi, kapa diketso tse ding ntle le tumello ya hae. E itshetlehile ka thetso, qobello le kgatello, le ho nyenyefatsa batho ka ho ba amoha bolokolohi ha ka nqa e nngwe se etsa hore batho ba bang ba fumane molemo wa moruo le wa thepa.
Kgwebisano ka batho e na le mahlakore a mangata mme e teng lefatsheng ka bophara; e ka ama mang le mang ho sa natswe dilemo, boemo ba motho setjhabeng le moruong, morabe, bong, kapa sebaka. E na le dibopeho tse ngata, mme boemo leha e le bofe ba kgwebisano ena bo ka kenyeletsa mekgahlelo e fapaneng ya kgolo. Kaha mofuta ona wa tlhekefetso o tsamaisana le kgatello, mahlatsipa ha a kgone ho fana ka tumello.
Leha re lokela ho ba sedi ka ho se kopanye kgwebisano ka batho le ho mokola, di ka nna tsa amana le ho bontsha ho nyallana. Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o hlalosa ho mokolwa ha batho e le thekiso kapa thuso ya ho ba kenya ka tsela e seng molaong ka hara naha e nngwe ho tshela meedi ya dinaha tsa matjhaba. Ntle le tlhokeho ya kgatello kapa qobello, ho ntse ho ka ba le kganyapetso ya batho ba tsietsing ba lekang ho tswa naheng ya habo bona, hangata ba lateletse bophelo bo betere. Ho mokolwa ha batho ke tlolo ya molao kgahlanong le mmuso, ka ho itshetleha ka motsamao, mme kgwebisano ka batho ke tlolo ya molao kgahlanong le motho, ka ho itshetleha hodima kganyapetso.
Ho feta moo mabapi le dikateng tse tshwelwang ka mathe, tse lemosang batho ka ditaba tsa kgwebisano ka batho kapa tsa ho mokola batho, re dumella dikateng tse kopang kapa tse abang tlhahisoleseding ka polokeho ya batho ka bobona le ho tshela madiboho, ho batla botshabelo kapa tsela ya ho tswa ka hara naha.
O se ke wa phousta:
Dikateng, ketso kapa ditshebedisano tse thaothang batho bakeng sa, ho thusa kapa ho hanyapetsa batho ka dibopeho leha e le dife tse latelang tsa ho hweba ka batho:
  • Ho hweba ka batho ka morero wa thobalano (ketso leha e le efe ya kgwebo ya thobalano le ngwana ya tlase dilemong kapa ketso leha e le efe ya kgwebo ya thobalano le motho e moholo e akgang qobello, boqhekanyetsi kapa kgatello)
  • Thekiso ya bana kapa ho ba adopta ka tsela e seng molaong.
  • Ho hweba ka bana ba dikgutsana le bahahlaudi ba ithaopelang ho thusa mahaeng a dikgutsana.
  • Manyalo a qobellwang (ho kenyeletsa manyalo a bana)
  • Kganyapetso ya basebetsi (ho kenyeletsa bokgoba)
  • Bokgoba ba ka malapeng.
  • Kgwebisano ka ditho tse sa meleng botjha, ho sa kenyeletse ho tloswa ha ditho, nyehelo, kapa ho kenyetswa setho sa motho e mong maemong ao e seng nyehelo ya setho ka kganyapetso.
  • Ketso ya botlokotsebe e qobellwang (mohl. bokopakopa bo qobellwang, ho tsamaisa dithethefatsi ka qobello).
  • Ho thaotha masole a bana
Dikateng moo motho e mong a thaothelang kapa a thusang kapa a fumanang melemo ya (ya ditjhelete kapa ka tsela e nngwe) ketso ya kgwebo ya thobalano
Dikateng tse tshepisang ho fana ka kapa ho thusa ka ho mokola batho
Dikateng tse kopang ditshebeletso tsa ho mokola batho
Re dumella dikateng tseo ka ho le leng di akaretswang ke leano lena ha di phoustuwa ka lebaka la ho tshwela ka mathe, la thuto, ho fana ka temoso kapa ho tlaleha ditaba.
Tlasa maano a Kganyapetso ya Batho, balekodi ba rona le disistime tse iketsahallang di ka boela tsa sekaseka letoto la matshwao a boitshwaro ho thusa ho hlwaya le ho nka bohato ka diakhaonto tse hatikelang.
  • Re ka nna ra tlosa diakhaonto ho itshelehile ka ditshebedisano tsa tsona le diakhaonto tse ding tse hatikelang, disetjhe tsa kapa ditshebedisano le diakhaonto tse nang le dikateng tse hatikelang, kapa botho baduding (mohl. Dihlopha) tseo re di tlositseng bakeng sa ho hatikela maano a rona.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re ka di qobellang:
Re ka nna ra tlosa dikateng tse tshepisang mesebetsi dibakeng tse nang le kotsi e matla ya kganyapetso ya basebetsi ha di netefaditswe ke sepolesa, mekgatlo ya lehae eo e seng ya mmuso, kapa balekane ba bang ba tshepahalang
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka kganyapetso ya batho
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona