Boqhekanyetsi, Diskeme, le Mekgwa e Kgelosang
Dintlha tsa leano
FETOLA HO KENA
Kajeno
7 Phn 2025
3 Mph 2024
19 Php 2024
5 Pht 2023
29 Mmesa 2022
24 Tsh. 2021
25 Pdn. 2021
29 Mph 2021
27 Pht 2021
5 Motsheanong 2020
18 Tsh. 2020
19 Pdn. 2020
17 Tsh. 2019
4 Lts 2019
Mabaka a Leano
Re rerile ho sireletsa basebedisi le dikgwebo kgahlanong le ho thetswa ka ditjhelete tsa bona, thepa kapa tlhahisoleseding ya botho. Re fihlella sena ka ho tlosa dikateng le ho lwantsha boitshwaro boo ka boomo bo sebedisang mekgwa ya ho thetsa – e kang ho itlhahisa ka tsela ya leshano ka boomo, tlhahisoleseding e utswitsweng le dipolelo tse feteleditsweng – ho skema kapa ho qhekanyetsa basebedisi le dikgwebo, kapa ho tsitlallela tshebedisano. Sena se kenyeletsa dikateng tse batlang ho hlophisa kapa ho kgothaletsa diketso tsena di sebedisa lepatlelo la rona. Re dumella batho ho hlahisa temoso le ho ruta ba bang hammoho le ho tshwela ka mathe diketso tsena.
Ha re dumelle:
Dikateng tse lekang ho skema kapa ho qhekanyetsa basebedisi le/kapa dikgwebo ka mokgwa wa:
Boqhekanyetsi le Diskeme Tsa Dikadimo Tsa Ditjhelete
Dikateng tse:
- Tshepisang dikadimo tsa ditjhelete tse batlang hore mosebedisi a lefelle tefo pele hore a fumane kadimo ya tjhelete.
- Tshepisang dikadimo tsa ditjhelete tse nang le karanti kapa tse batlang di se di ntse di na le karanti ya ho tjhaelwa monwana, e boletsweng ka ho hlaka kapa e ka utlwisiswang jwalo ho itshetlehile ka moelelo (o kang dipolelo tsa ho tjhaela monwana kadimo ya tjhelete ntle le ho batla tlhahisoleseding ya ditjhelete).
- Ela hloko: Re boetse re sheba matshwao ho sekaseka hore na setheo se phousta dikateng tse molaong, tseo e seng tsa boqhekanyetsi, tse kang ha e le setheo se netefaditsweng e le banka kapa setheo sa ditjhelete.
Boqhekanyetsi le Diskeme tsa ho Betjha
Dikateng tse:
- Tshepisang ditshebeletso tsa ho betjha ka tjhelete ya nnete ("Tjhelete ya nnete" ke tjhelete ya bophelong ba sebele e ka sebediswang ho reka dithoto kapa ditshebeletso bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho kenyeletsa ditjhelete tsa naha tse kang Didolara tsa Amerika le ditjhelete tsa marangrang tse kang Bitcoin):
- nang le karanti ya hore o tla hapa.
- lohothang kapa tse dumelang hore sephetho sa papadi kapa tlhodisano se ropilwe.
- kopang batho ho thusa ho ropa sephetho sa papadi kapa ho batla thuso kapa maele a ho ropa papadi kapa tlhodisano.
Dipapadi tsa setjhaba tsa casino tse etsisang ho betjha ntle le monyetla wa ho hapa tjhelete ya nnete di wela tlasa Molao wa rona wa Setjhaba wa Thepa le Ditshebeletso tse Thibetsweng.
Boqhekanyetsi le Diskeme tsa Matsete kapa tsa Ditjhelete
- Menyetla ya Matsete. Dikateng tse:
- Tse tshepisang menyetla ya botsetedi moo merokotso ya matsete e nang le karanti kapa e se nang dikotsi.
- Tse tshepisang menyetla ya botsetedi moo merokotso ya matsete kapa ditlhapiso di tshetlehileng ka tsela e itseng kapa ka botlalo ka ho thaotha ba bang hore ba kenele sekimi seo.
- Tse tshepisang menyetla ya botsetedi moo e leng monyetla wa mofuta wa "rua kapele" le/kapa tse bolelang hore letsete le lenyane le ka fetoha tjhelete e ngata.
- Ho Bapala Spini/Cash Flip. Dikateng tse:
- Tse tshepisang ho fetola tjhelete e itseng hore e be e ngata ka maqiti kapa lewa le kenyeletsang ho bolela ka ho hlaka ka "cash filp," "money flip," kapa mantswe a tshwanang le ona.
Boqhekanyetsi le Diskeme Tsa ho Nyenyelepisa le ho Pata Mohlodi wa Tjhelete
- Ho Nyenyelepisa Tjhelete. Dikateng tse:
- Tse tshepisang kapa tse kopang ho nyenyelepisa tjhelete (tse bakang hore mahlatsipa a se tsebe hore ke bankakarolo tabeng ya ho pata mohlodi wa tjhelete ka ho fana ka tjhelete kapa seabo sa tswala bakeng sa ho dumella ba bang ho sebedisa diakhaonto tsa bona tsa banka kapa ho fetisa tjhelete lebitsong la ba bang).
- Tse tshepisang kapa tse kopang ho nyenyelepiswa ha tjhelete ka ho tshepisa mosebetsi wa ho amohela le ho fetisetsa tjhelete bathong ba ka thoko ho sebediswa akhaonto ya banka ya lehlatsipa.
- Ho Pata Mohlodi wa Tjhelete. Dikateng tse:
- Tse kopang kapa tse tshepisang ho thusa ka ho pata mohlodi wa tjhelete, e leng boiteko ba ho etsa hore tjhelete e fumanweng ka tsela e seng molaong e bonahale eka e molaong ka ho pata mohlodi wa yona ka tatellano e rarahaneng ya ditransekshene tsa ditjhelete, ho kenyeletsa ka mekgwa leha e le efe e latelang:
- Ho batla phethiso ya tjhelete ka SWIFT (Society for Worldwide Interbank Financial Telecommunications) kapa mekgwa e tshwanang,
- Ho batla kapa ho fana ka dintlha tsa mefuta ya diakhaonto tsa banka e teng ho tshehetsa kamohelo kapa phethiso ya tjhelete.
Boqhekanyetsi le Diskeme Tsa Boitsebiso bo e Seng ba Nnete
Dikateng tse:
- Tse lekang ho skema kapa ho qhekanyetsa basebedisi ka ho hlahisa ka tsela e kgelosang boitsebiso ba motho ya phoustang kapa mofuta wa kopo:
- Boqhekanyetsi le Skeme sa Thekolohelo, e leng dikopo tsa boqhekanyetsi tsa tjhelete kapa dinyehelo ka mabaka a thekolohelo hammoho le ho tsitlallela hore nyehelo e potlakile le ho kenyeletsa tlhahisoleseding e kang diakhaonto tsa banka, moo tjhelete e ka romelwang.
- Boqhekanyetsi le Skeme sa Marato, e leng maiteko a boqhekanyetsi a ho theha dikamano tsa marato inthaneteng ka ho kopa ho ba molekane kapa kamano eo e seng ya thobalano le ho tshepisa kapa ho kopa tjhelete kapa ntho e tshwanang le yona e le phapanyetsano.
- Boqhekanyetsi le Skeme sa Kgwebo/Setheo se Tsitsitseng, e leng se kenyeletsang ka leshano ho tsitlallela ho emela, ho bua ka lentswe la, kgwebo kapa setheo se tsitsitseng, ka boiteko ba ho skema kapa ho qhekanyetsa.
Boqhekanyetsi le Diskeme tsa Sehlahiswa kapa Moputso
- Boqhekanyetsi le Skeme sa Dikerante tsa Mmuso. Dikateng tse:
- Tseo ka leshano di tshepisang tjhelete ya dikerante tsa mmuso kapa mohlodi leha e le ofe o mong wa matlole a mmuso. Re sekaseka matshwao a fapafapaneng ho sheba haeba setheo se phousta dikateng tse molaong, tseo e seng tsa boqhekanyetsi, jwalo ka ha di hlaha setheong se netefaditsweng.
- Boqhekanyetsi le Skeme se Ntho eo Motho a ka e Amang, ya Semoya kapa ya Illuminati. Dikateng tse:
- Tse tshepisang meputso eo motho a ka e amang, tse kang tjhelete, thepa, kapa ditshebeletso tse nang le boleng ba tjhelete ho kenyeletsa ditjhelete tse tshwarehang, tsa dijithale le tsa marangrang, le thepa e tshwarehang kapa ya dijithale le ditshebeletso bakeng sa ho ba setho kapa mabapi le ho joena mokgatlo, lequlwana la tumelo, sehlopha sa bodumedi (ka mohlala, baena ba Illuminati).
- Tse tshepisang meputso eo motho a ka e amang bakeng sa ho sebedisa boloi kapa ho loya kapa dinthwana tsa boselamose (ka mohlala,mehlolo, dinthwana tsa mahlohonolo, dipetja, dithoukene, meriana, sepatjhe sa mehlolo, jj.)
- Boqhekanyetsi le Diskeme tsa Inshorense. Dikateng tse:
- Tse tshepisang inshorense ya leshano, e nyehlisitsweng haholo ka dikopo tsa tefello e tlang pele (tefello ya tsamaiso, kapa dipositi, kapa ka tsela e nngwe).
- Tse tshepisang inshorense ya leshano, e nyehlisitsweng haholo ka ditshepiso tsa ho baballa tjhelete e ngata tsa inshorense ha ho bapiswa le bafani ba inshorense ba tlwaelehileng (bonyane 30% ka tlase).
- Ela hloko: Re boetse re sheba matshwao ho sekaseka haeba setheo se phousta dikateng tse molaong tseo e seng tsa boqhekanyetsi, tse kang ha e le setheo se netefaditsweng e le banka kapa setheo sa ditjhelete.
- Boqhekanyetsi le Diskeme tsa Mosebetsi. Dikateng tse:
- Tse tshepisang mesebetsi e nang le tlhaloso ya mosebetsi e sa hlakang kapa e lerotho le menyetla ya ho rua kapele e tshepisang tjhelete ka letsete la nako e nyane kapa boiteko bo bonyane.
- Tse tshepisang mesebetsi e se nang tlhahisoleseding mabapi le mosebetsi, di bua feela ka dikgeo tsa mosebetsi.
- Tse tshepisang ho sebeletsa lapeng empa sehlooho sa mosebetsi se lohotha hore mosebeletsi a ke ke a sebeletsa lapeng (WFH).
- Tse tshepisang mesebetsi e tshepisang mokgolo le pele ho mosebetsi.
- Tse tshepisang mesebetsi e nang le karanti.
- Tse tshepisang mesebetsi e batlang tefello pele ho fanwa ka mosebetsi.
- Ela hloko: Re boetse re sheba matshwao ho sekaseka haeba setheo se phousta dikateng tse molaong tseo e seng tsa boqhekanyetsi, tse kang ha e le setheo se netefaditsweng
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa Kimollo ya Sekoloto le Tokiso ya Mokitlane. Dikateng tse:
- Tse tshepisang ho hlakola kapa ho tlosa kapa ho fokotsa sekoloto ka tjhelete e itseng ka bolelele ba nako e itseng.
- Tse tshepisang ho emisa kapa ho hlakola dipokeletso kaofela tsa dikoloto kapa dinyewe.
- Tse tshepisang ho tshwarela kapa ho fedisa sekoloto ka "lenaneo le letjha la mmuso" kapa phetoho molaong kapa polelo e tshwanang.
- Tse tshepisang ho hlakola kapa ho tlosa tlhahisoleseding ya mokitlane ditlalehong tsa mokitlane kapa ho etsa "boitsebiso ba mokitlane" bo botjha".
- Ela hloko: Re boetse re sheba matshwao ho sekaseka haeba setheo se phousta dikateng tse molaong tseo e seng tsa boqhekanyetsi, tse kang ha e le setheo se netefaditsweng e le banka kapa setheo sa ditjhelete
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa Sesolo. Dikateng tse:
- Tse tshepisang moputso wa tjhelete ya nnete ka phapanyetsano bakeng sa basebedisi ba lokelang:
- Ho ingodisa linking e ka thoko ho saete.
- Ho aba Tlhahisoleseding e ka Hlwayang Motho (PII) kapa Tlhahisoleseding e Nngwe ya Bowena.
- Ho iteanya ka thoko ho lepatlelo kapa lepatlelong ka molaetsa wa poraefete.
- Se nke bohato.
- Boqhekanyetsi ba Skeme tsa Tefello Pele. Dikateng tse:
- Tse tshepisang ka leshano tjhelete ka phapanyetsano ya tjhelete e patalwang pele/ka mohala/tefo.
Boqhekanyetsi le Skeme tsa Ditokomane tsa Mokunyata
- Ditokomane tsa Mokunyata kapa Tse Fojaruweng. Dikateng tse:
- Tse tshepisang kopo, ho etsa, thekiso, theko kapa kgwebisano ya ditokomane tsa mokunyata kapa tse fojaruweng.
- Tse tshepisang thekiso ya divisa kapa dikarete tse tala.
- Tse tiisetsang motho hore kopo ya visa kapa karete e tala e tla tjhaela monwana.
- Tse thusang basebedisi hore dikopo tsa bona tsa visa di tla tjhaelwa monwana ntle le ho latela ditlhokeho tse tlwaelehileng.
- Tjhelete ya Mokunyata. Dikateng tse:
- Tse tshepisang, thekiso, theko kapa kgwebisano ya tjhelete ya mokunyata, ntle le tjhelete ya ho bapala (mohl. Tjhelete ya Monopoly) haeba ho na le moelelo o hlakileng wa hore ke ka morero wa ho dipapadi tsa botong.
- Divaotjhara tsa Mokunyata. Dikateng tse:
- Tse tshepisang kabo, thekiso, theko kapa kgwebisano ya divaotjhara tsa mokunyata.
- Tse dumelang, tse kgothaletsang, kapa tse kopang tshebediso ya dikupono kapa divaotjhara tse tshwarehang kapa tsa dijithale ka sepheo sa ho fihlella ho beha theko e sa tlwaelehang ka:
- ho sebedisa dikuphono kapa divaotjhara tsa ho reka dinthwana tseo dikupono kapa divaotjhara di sa di rerelwang; kapa
- ho sebedisa dikhuphono kapa divaotjhara tse feletsweng ke nako.
- Ditifikeiti tsa thuto kapa tsa seprofeshenale tsa mokunyata. Dikateng tse:
- Tse tshepisang thekiso, theko kapa kgwebisano ya ditifikeiti tsa thuto kapa tsa seprofeshenale tsa mokunyata kapa tse fojarilweng.
Boqhekanyetsi le Skeme tsa Tlhahisoleseding, Thepa kapa Ditshebeletso Tsa Boshodu
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa Dikarete. Dikateng tse:
- Kenyeletsang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka dikarete tsa mokitlane tsa boshodu kapa disebediswa tse ding tsa ditjhelete tse ka sebediswang bakeng sa ditheko tse sa dumellwang (seo hape se tsejwang e le "carding").
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa PII. Dikateng tse:
- Tshepisang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka Tlhahisolesedimg e ka Hlwayang Motho (PII) kapa Tlhahisoleseding e Nngwe ya Botho ntle le haeba e le ya motho ya inahanelwang.
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa Tekolo ya Mokunyata. Dikateng tse:
- biletsang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka ditekolo/direiting tsa dihlahiswa.
- Lohothang kapa tse kgothaletsang ka ho hlakileng hore basebedisi ba fane ka ditekolo ka phapanyetsano ya ditheolelo, dikgutliso tsa tjhelete kapa dinthwana tsa mahala.
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa Boingodiso. Dikateng tse:
- Tshepisang ho reka, ho rekisa kapa kgwebisano ka ditshebeletso tsa dintlha tsa boingodiso (dintlha tsa ho kena ditshebeletsong tsa inthanete tse batlang tefo kgafetsa) ka ho etsa ditshupiso ho tshebeletso e lefellwang ya inthanete, ka ho e bitsa ka lebitso kapa ka ho aba logo ya yona.
- Ela hloko: Re boetse re sheba matshwao ho sekaseka hore na setheo se phousta dikateng tse molaong, tseo e seng tsa boqhekanyetsi, tse kang ha e le setheo se netefaditsweng e le banka kapa setheo sa ditjhelete.
- Boqhekanyetsi le Diskeme tsa ho Kopitsa. Dikateng tse:
- Kenyeletsang kabo, thekiso, kgwebisano, kapa ho rekwa ha:
- dipampiri tsa ditlhahlobo tsa kamoso kapa maqephe a dikarabo.
- Dihlahiswa kapa ditshebeletso tse thusang ka ho kopitsa ditlhahlobong.
- Dihlahiswa kapa ditshebeletso tse thusang ho pasa diteko tsa dithethefatsi ka mokgwa o sa dumellwang
Boqhekanyetsi le Skeme tsa Tshebediso e sa Dumellwang ya Didivaese
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa ho Henahenana le Divaese. Dikateng tse
- Biletsang ho reka, ho rekisa, ho hweba kapa ho aba didivaese tsa ho metha leha e le dife tse henahennweng, tse fetotsweng kapa tsa mokunyata.
- Dumelang, tse kgothaletsang kapa ho kopa tshebediso e tshwarehang ya ho henahena didivaese ka sepheo sa ho beha ditheko tse fosahetseng.
- Boqhekanyetsi le Skeme tsa Dikateng tsa Dijithale. Dikateng tse
- Tshepisang kapa tse kopang dihlahiswa tse thusang kapa tse kgothaletsang phihlello ya dikateng tsa dijithale ka mokgwa o sa dumellwang. Tsena di kenyeletsa kapa ha di felle ka: mabokose a set top a lokisitsweng, mabokose a tletseng ka botlalo/KODI a hoketsweng le ditshebeletso tsa KODI.
Mekgwa e Thetsang le e Kgelosang
- Mekgwa e Kgelosang ya Boitekanelo. Dikateng tse
- Kgothaletsang dipolelo tsa leshano kapa tse kgelosang tsa boitekanelo kapa tse netefaletsang motho ha ho buuwa ka ho theola mmele tse sebedisang maqiti a ho tjheha ka ho tobetsa linki, jwalo ka tshebediso ya puo e phahamisang maikutlo e etsang dipolelo tse feteleditsweng kapa tse feteletsang ditaba.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fokotsa bokgoni ba ho boha dikateng hore ebe batho ba baholo feela, ba dilemo di 18 le ho feta:
Dikateng tse
- Tshepisang sephetho se itseng sa ho theola mmele ka nako e itseng empa ho se na mantswe a bontshang hore seo se ka nna sa etsahala kapa polelo ya boitatolo.
Ho sa natswe tse ka hodimo mona, ha re thibele dikateng tse tshwelang ka mathe, tse hlahisang temoso ya kapa tse rutang ba bang ka boqhekanyetsi le diskeme, ntle le ho utulla tlhahisoleseding e hlokolosi kapa ho kgothaletsa boqhekanyetsi kapa diskeme
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re ka di qobellang:
- Re ka nna ra tlosa dikateng:
- Tse kenyeletsang boqhekanyetsi/skeme tse tlalehilweng ke setheo se tshepahalang.
- Tse amanang le tjotjo kapa tshebediso e mpe ya tjhelete.
- Tse tshepisang diente ka boiteko ba ho skema kapa ho qhekanyetsa basebedisi.
- Tse lekang ho theha motho wa leshano kapa ho etsa eka o motho ya tummeng, kapa ho etsa tshebediso e sa dumellwang ya setshwantsho sa motho ya tummeng ka boiteko ba ho skema kapa ho qhekanyetsa.
- Tse tshepisang kapa tse kopang dihlahiswa kapa ditshebeletso tse reretsweng ho thusa ho boha kapa ho rekota batho ka sephiri, mohl., dikhamera tse patilweng, ditreka tsa diselfouno (ho kenyeletsa tse kgonang ho ba mohlaleng wa dinomoro tsa mohala tse sa tsejweng) kapa thepa e nngwe e patilweng ya mautlwela.
- Tse fanang ka menyetla wa ho thaothela batho dinyeweng hore ba nke karolo sehlopheng sa ho qosa ka ho ikgakanya jwaloka setheo sa mmuso kapa ofisi ya ditaba ka ho sebedisa puo e phahamisang maikutlo, kapa ka ho sebedisa ditseko tse feteleditsweng.
- Tse tshepisang ditshebeletso tsa boingodiso tse susumetsang basebedisi hore ba kenye Tlhahisoleseding ya Botho.
- Ha re dumelle ditheo ho nka karolo ho kapa ho etsa dipolelo tsa ho kena boitshwarong ba Boqhekanyetsi kapa Skeme, ho kenyeletsa tshebediso ya diakhaonto tse ngata ditshebeletsong tsa rona ka kopanelo ho tswela pele ka maitshwaro a boqhekanyetsi.
Maemong a itseng, re tla dumella dikateng tseo ka nqa e nngwe di ka nnang tsa hatikela Melao ya Setjhaba ha ho nkuwa hore dikateng tseo ke tsa ho phoqa. Dikateng di tla dumellwa hafeela dikarolo tse hatikelang tsa dikateng e le tsa ho phoqa kapa di amahanngwa le ntho e itseng kapa motho e mong bakeng sa ho mo soma kapa ho mo tshwaya phoso.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka boqhekanyetsi, diskeme, le mekgwa e thetsang
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona