Mabaka a Leano
Re ananela hore polokeho ya basebedisi ba rona e kenyeletsa tshireletso ya tlhahisoleseding ya motho ka seqo, diakhaonto, diprofaele le ditheo tse ding tsa Meta tseo mohlomong ba di laolang, hammoho le dihlahiswa le ditshebeletso tsa rona ka bophara. Maiteko a ho bokella tlhahisoleseding e hlokolosi ya motho ka seqo kapa ho ameha phihlellong e sa dumellwang ka mekgwa ya ho thetsa kapa ya ho nyenyelepa e kotsi tikolohong eo re batlang ho e theha e nang le bonnete, botshepehi le e bolokehileng.
Ha re dumelle:
Boiteko ba ho thefula diakhaonto kapa ho di fihlella ka mekgwa e sa dumellwang, ho kenyeletsa:
Ho fihlella diakhaonto, diprofaele, ditheo tse ding tsa Meta, ho fapana le tsa hao o sebedisa ditsela tse thetsang kapa ntle le tumello e hlakileng ho tswa akhaontong, profaeleng kapa ho monga setheo.
Ho fumana kapa ho kopa dintlha tsa ho kena tsa mosebedisi e mong, tlhahisoleseding ya motho ka boyena, kapa tlhahisoleseding e nngwe e hlokolosi ya mosebedisi ka morero wa phihlello e sa dumellwang, ho kenyeletsa ka maqiti a latelang:
Phishing, ho hlaloswang e le tlwaelo ya ho qala dipuisano kapa diwebsaete tse reretsweng ho shebahala jwaloka dipuisano kapa diwebsaete tse tshepahalang kapa tse nang le setumo ka morero wa ho fumana tlhahisoleseding e hlokolosi ya mosebedisi ka boqhekanyetsi.
Social Engineering, jwalo ka maiteko a iphetang kapa a sa fetoheng a ho phutha kapa ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa ho tsosolosa diakhaonto kapa phasewete tse tlwaelehileng.
Malware, Greyware, Spyware kapa khoutu e nngwe e kotsi, jwalo ka ha e hlaloswa ka tlase mona.
Maiteko a ho aba, a ho etsa, ho amohela kapa ho jala khoutu e fosahetseng kapa e kotsi, ho kenyeletsa:
Ho kgothaletsa kapa ho thetsa basebedisi ho daonlouda kapa ho bula difaele, diepo kapa mananeo a tla thefula tshireletso ya mosebedisi inthaneteng kapa ya datha, ho kenyeletsa le, empa ho sa felle ka:
Malware, e hlaloswang e le khoutu kapa software e reretsweng ho senya kapa ho fihlella disistime ka tsela e sa dumellwang. Sena se kenyeletsa mananeo a reretsweng ho senya disistimi tsa khomphyutha, hammoho le software e reretsweng ho fumana tjhelete ho mahlatsipa, jwalo ka ransomware.
Spyware, e hlaloswang e le khoutu kapa software e bokellang datha ya basebedisi le ho e romela ho batho ba ka thoko ntle ho tumello e bontshang kutlwisiso ya mosebedisi, kapa e sebedisang datha ka merero e seng molaong (mohl., tlatlapo ya tjhelete ka tshoso ya tsa thobalano, ho batla tjhelete ho lomeletsa, phihlello e seng molaong ya disistime).
Greyware, e hlaloswang e le khoutu kapa software e fapohisang tshebediso ya hardware kapa ya software mme ho ka ba boima ho e tlosa khomphyutheng kapa netewekeng.
Ho qapa, ho aba kapa ho ba le software e kotsi ho kenyeletsa le dikatoloso tsa braosa le diepo tsa selfouno lepatlelong lena kapa ka thoko ho lona, tse behang basebedisi ba rona kapa dihlahiswa le ditshebeletso tsietsing.
Ho tshosetsa, ho dumela hore o, kapa o thusitse ho heka - ho kenyeletsa ho aba kapa ho bapatsa software, dikhose kapa dihlahiswa tse thusang batho ho kwekwetla disistime tsa tshireletso, ho kenyeletsa software e kgothaletsang ho heka software, kapa dintlha tsa motho tsa boitsebiso
Ho fana ka infrastraktjha ya inthanete, ho kenyeletsa ditshebeletso tse amohelang webo, diseva tsa lebitso la domeine le dineteweke tsa dipapatso tse dumellang dilinki tse hobosang hona hoo boholo ba dilinki tse ditshebeletsong tsa rona di hatikelang dikarolo tsa spam kapa tsa tshireletso ya inthanete tsa Melao ya Setjhaba.