Tlhoriso le Tlhokofatso

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Tlhoriso le tlhokofatso di etsahala dibakeng tse ngata mme di etswa ka ditsela tse sa tshwaneng, ho tloha ho ditshosetso ho ya ho ho lokolla tlhahisoleseding e ka senolang motho ka seqo ho fetela tabeng ya ho romela melaetsa e tshosetsang le ho ikopanya le motho ho sa batleheng ka lonya. Ha re dumelle boitshwaro ba mofuta ona hobane bo thibela batho ho ikutlwa ba sireletsehile ebile ba hlomphuwa ho Facebook, Instagram, le Threads.
Re bontsha phapang pakeng tsa batho ba tummeng setjhabeng le batho ba poraefete hobane re batla ho dumella puisano, eo hangata e kenyeletsang ditshwaelo tse seollang batho ba hlahellang ditabeng kapa ba nang le bamamedi ba bangata setjhabeng. Bakeng sa batho ba tummeng setjhabeng, re tlosa ditlhaselo tse bohale hammoho le mefuta e itseng ya ditlhaselo ha motho ya tummeng a thekilwe ka kotloloho phousteng kapa tshwaelong. Re hlalosa batho ba tummeng setjhabeng e le bahlanka ba boemong ba puso le ba mmuso wa naha, baiketi ba sepolotiki bakeng sa mesebetsi eo, batho ba nang le batshehetsi kapa balatedi ba fetang milione ho marangrang a dikgokahano le batho ba hlahellang ka matla ditabeng.
Bakeng sa batho ba poraefete, tshireletso ya rona e feta moo: Re tlosa dikateng tse reretsweng ho ba kgesa kapa ho ba hlabisa dihlong, ho kenyeletsa ka mohlala, dipolelo tse amanang le ketso eo motho ya thobalano. Re ela hloko hore tlhoriso le tlhekefetso di ka ama bana hampe maikutlong, ke kahoo maano a rona a tiisang meqheleba tabeng ya tshireletso ya bohle ba ka tlasa dilemo tse 18, ho sa natswe boemo ba mosebedisi.
Moelelo le boikemisetso ke tsa bohlokwa, mme re dumella batho ho phousta le ho aba haeba ho hlakile hore ntho e abuwe ka sepheo sa ho tshwela ka mathe kapa ho pepesa tlhoriso le tlhekefetso. Maemong a itseng, re batla hore motho a tlalehe ka boyena hobane se re thusa ho utlwisisa hore motho eo ya hlaselwang o ikutlwa a hlorisitswe kapa a hlokofaditswe. Ho phaella ho tlaleheng boitshwaro le dikateng tse jwalo, re kgothaletsa batho ho sebedisa dithulusi tse fumanehang mapatlelong a rona ho re thusa ho sireletsa kgahlanong le tsona.
Hape re na le Setsi sa Thibelo ya Tlhoriso, e leng mohlodi bakeng sa batjha, batswadi le matitjhere a batlang tshehetso bakeng sa ditaba tse amanang le tlhoriso le dikgohlano tse ding. Se tataisa motho mohato ka mohato, esita le dintlha tse mabapi le ho qala dipuisano tsa bohlokwa tse mabapi le tlhoriso. Ithute haholwanyane mabapi le tsela eo re ka sireletsang batho kgahlanong le tlhoriso le tlhokofatso mona.
Ela hloko: Leano lena ha le sebetse ho batho bao e leng karolo ya mekgatlo e tobilweng tlasa Leano la Mekgatlo le Batho ba Kotsi kapa batho ba hlokahetseng pele ho 1900.
Mokgahlelo 1: Ditshireletso tsa lefatshe ka bophara bakeng sa bohle:
  • Bohle ba sireleditswe ho:
    • Khonthakte e sa batleheng e:
      • Phetaphetwang. KAPA
      • E hlokofatsang ka thobalano, KAPA
      • E rometswe ho batho ba bangata ntle le ho e kopa pele ho moo.
    • Kgoeletso ya ho itematsa kapa ho ipolaya ha motho ya itseng, kapa sehlopha sa batho.
    • Ditlhaselo tse itshetlehileng ka boiphihlelo ba bona ba tlhekatlheko ka thobalano, kganyapetso ya thobalano, tlhoriso ka thobalano, kapa tlhekefetso ya ka lapeng.
    • Dipolelo tsa boikemisetso ba ho ameha ketsong ya thobalano kapa ho di buella ho ameha ketsong ya thobalano.
    • Mantswe a nyarosang a amanang le thobalano.
    • Difoto tse nyenyefatsang kapa ditshwantsho tse toroyilweng tsa mahlapa a amanang le thobalano
    • Ditlhaselo tsa mantswe a nyenyefatsang a amanang le diketso tsa thobalano (ka mohlala: lehure, letekatse).
    • Dipolelo tse supang hore ha ho a etsahala tlokotsi e bakwang ke dikgoka.
    • Dipolelo tsa hore batho ba bua leshano ka hore ke mahlatsipa a tlokotsi e bakwang ke dikgoka kapa tlhaselo ya baferekanyi, hammoho le dipolelo tsa hore:
      • O a iketsisa kapa o ikgakanya hore eka ke lehlatsipa la ketsahalo e itseng, kapa
      • O a lefuwa kapa o hiretswe ho kgelosa batho mabapi le seabo sa hae ketsahalong.
  • Ditshosetso tsa ho pepesa nomoro ya mohala ya poraefete ya motho e mong, aterese ya bodulo, aterese ya imeile, kapa direkoto tsa bongaka (jwalo ka ha ho hlalositswe ho Leano la Dikgatikelo tsa Lekunutu).
  • Dikgoeletso tsa, kapa dipolelo tsa boikemisetso ba ho ameha diketsong tsa tlhoriso le/kapa tlhokofatso.
  • Dikateng tse kgesang le tse bolelang ho nyonya batho ba hlahiswang ba le boemong ba, kapa ba qetang, ho ya kgweding, ho rota, ho hlatsa kapa ho kaka
  • Bohle ba sireleditswe ho tse latelang, empa bakeng sa batho ba baholo ba tummeng setjhabeng, ba tlameha ho pepesetswa ka boomo:
    • Dikgoeletso tsa lefu le dipolelo tse buellang ho tshwaetswa kapa ho tshwarwa ke lefu le itseng.
    • Ho keteka kapa ho soma ho shwa kapa bokudi.
    • Dipolelo tse amanang le mafu a tshwaetsanwang ka thobalano.
    • Dipolelo tsa nyenyefatso tsa sebopeho sa mmele.
Mokgahlelo 2: Mehato e meng ya ho sireletsa Bana ba Banyane kaofela, Batho ba Baholo ba Poraefete le Palo e Lekanyeditsweng ya Batho ba Tummeng Setjhabeng (ka mohlala, batho bao ntho e kgolo eo ba tummeng ka yona e fellang tabeng ya hore ba lwanela ditokelo, ke baqolotsi ba ditaba, kapa ba tumang ka ditsela tseo e seng tsa boithaopo):
  • Ho phaella ho mehato e akaretsang bohle ya tshireletso, bana ba banyane (batho ba poraefete le batho ba tummeng), batho ba baholo ba poraefete le palo e lekanyeditsweng ya batho ba tummeng ba sireleditswe ho:
    • Dipolelo tse amanang le ketso ya thobalano, ntle ho maemo ao ho buuwang ka diqoso tsa bokebekwa kgahlanong le batho ba baholo (ho tshwara motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello).
    • Dikateng tse hlahisang motho e mong ya moholo ka tsela ya thobalano (ho hlahisa bana ka tsela ya thobalano ho tshohlwa leanong la Kganyapetso ya Bana ka Thobalano, Tlhekefetso le Boponopono).
  • Bana bohle ba banyane (batho ba poraefete le batho ba tummeng setjhabeng), batho ba baholo ba poraefete le palo e lekanyeditsweng ya batho ba tummeng setjhabeng ba sireleditswe ho tse latelang, empa bana ba tummeng setjhabeng ba tlameha ho pepesetswa ka boomo ho:
    • Dipapiso tse tlontlollang (tse ngotsweng kapa tsa ditshwantsho) tse bapisang le kapa tse amanang le:
      • Diphoofolo le dikokonyana, ho kenyeletsa le dikamothose, tseo ho ya ka setso di nkwang di nyatseha.
      • Baktheria, divaerase, dimaekrobe le mafu.
      • Dintho tse sa pheleng, tse akarelletsang toti, dithole, mantle.
  • Dikateng tseo ho kenakenanweng le tsona hore di totobatse, di hlakise kapa di lebise thahasello e mpe tshobotsing e itseng ya mmele wa motho (nko, tsebe le tse ding).
  • Dikateng tse di bapisang tse thehilweng tjhebahalong ya mmele kapa ditshobotsing tse itseng.
  • Dikateng tse nyefolang batho ba hlahisitsweng ba otlwa (ntle le ka meelelo ya dipapadi tsa dintwa).
Mokgahlelo wa 3: Mehato e meng ya tshireletso bakeng sa Bana ba Banyane, Batho ba Baholo ba Poraefete, le Bana ba Tummeng Setjhabeng e se ka Boithaopo:
  • Ho phaella ho mehato yohle e boletsweng ka hodimo ya tshireletso, bana bohle ba poraefete, batho ba baholo ba poraefete (ba tlamehang ho itlalehela), le bana ba tummeng setjhabeng e se ka boithaopo ba sireleditswe ho:
    • Mahlapa a ba tobileng.
    • Dipolelo tse mabapi le ho ratana le motho, tshekamelo ya tsa thobalano kapa boitsebiso ba bong.
    • Dikgoeletso tsa ho nka bohato, dipolelo tsa maikemisetso, dipolelo tsa takatso kapa ho bolela ditlamorao tsa ketso, dipolelo tse kgothaletsang kapa tse tshehetsang ho kgethollwa.
    • Semelo se sebe kapa ho ipoledisa, ntle le ha ho buuwa ka diqoso tsa ditlolo tsa molao le ditekolo tsa kgwebo kgahlanong le batho ba baholo.
    • Mantswe a nyefolang, ho nyonya, kapa dikateng tse qhelelang ka thoko boteng ba batho, ntle ho ha ho buuwa ka diqoso tsa ditlolo tsa molao kgahlanong le batho ba baholo.
  • Ha ho itlalehelwa, bana ba banyane ba poraefete, batho ba baholo ba poraefete le bana ba tummeng setjhabeng e se ka boithaopo ba sireleditswe ho tse latelang:
    • Ho ipoledisa ka ho hlorisa.
    • Ditshwantsho tse sa batleheng tseo ho kenakenanweng le tsona.
    • Ho bapisa le batho ba bang setjhabeng, batho ba iqapelwang kapa ba poraefete ka lebaka la tjhebahalo ya bona
    • Dipolelo tse amanang le boitsebiso ba bodumedi kapa ho tlaela.
    • Ho bapisa batho le diphoofolo kapa dikokonyana tseo ka tlwaelo di sa nkweng di se bohlale kapa e le tse mmele o nyatsehang (“nkwe," “tau”).
    • Ditlhaloso tsa sebopeho tse sa nkeng lehlakore kapa tse ntle.
    • Dipolelo tse hlalosang semelo se seng sebe kapa bokgoni.
    • Ditlhaselo ka mantswe a kgesang a amanang le kgaello ya ho se etse thobalano.
Mokgahlelo wa 4: Mehato e meng ya tshireletso bakeng sa Bana ba Poraefete feela:
  • Bana ba fumana tshireletso e ngata leanong la rona. Ho phaella ho mehato yohle e boletsweng ka hodimo ya tshireletso, bana ba poraefete ba boetse ba sireleditswe ho:
    • Diqoso tsa boitshwaro ba botlokotsebe kapa bo seng molaong.
    • Dividio tsa tlhoriso ya bana mmeleng, tse abelanwang ka moelelo leha e le ofe.
    • Mantswe a nyenyefatsang a amanang le ho rohaka bosadi.
Tlhoriso le tlhokofatso ka maqephe, dihlopha, diketsahalo le melaetsa
  • Ditshireletso tsa Mokgahlelo wa pele ho ya ho wa bone di boetse di qobellwa maqepheng, dihlopheng, diketsahalong le melaetseng.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re ka di qobellang:
O se ke wa:
  • Phousta dikateng tse lebisitsweng ho batho ka bo mong ka Maqephe, Dihlopha le Diketsahalo tse sa batleheng. Re tlosa dikateng tsena ha di tlalehwa ke lehlatsipa kapa moemedi wa lehlatsipa ya dumeletsweng.
  • Dikateng tsa phouste tse hlalositsweng ka hodimo mona tseo ka nqa e nngwe ho tla hlokahala hore lehlatsipa le tlalehe dikateng kapa moo dikateng di supang hore motho ya phoustileng o hlasela lehlatsipa ka kotloloho (ka mohlala: lehlatsipa le thekilwe phousteng kapa tshwaelong). Re tla tlosa dikateng tsena haeba re na le netefaletso ya lehlatsipa kapa moemedi wa lehlatsipa ya dumeletsweng (a phela kapa a hlokahetse)a tiisang hore dikateng ha di batlehe.
  • Ho phousta dikateng tse kgothaletsang kapa tse bolelang boikemisetso ba ho ameha boitshwarong bo ka tshwanelehang ho bitswa tlhoriso le tlhokofatso tlasa maano a rona. Re tla tlosa dikateng tsena ha re na le netefaletso e tswang ho lehlatsipa kapa moemedi wa lehlatsipa ya dumeletsweng ya tiisang hore dikateng tsena ha di batlehe.
  • Ho phousta dikateng tse hlahisang motho ya tummeng setjhabeng ka tsela ya thobalano. Re tla tlosa dikateng tsena ha re na le netefaletso e tswang ho lehlatsipa kapa moemedi wa lehlatsipa ya dumeletsweng ya tiisang hore dikateng tsena ha di batlehe.
  • Ho qala ho ikopanya le motho ho hlekefetsang moamohedi ka thobalano. Re tla tlosa dikateng leha e le dife tse abelanweng ka moelelo o sa batleheng ha re na le netefaletso ya moamohedi, kapa moemedi ya dumeletsweng wa moamohedi hore khonthakte eo ha e batlehe.
  • Tlosa tlhokofatso e lebisitsweng ho bongata ba batho, ha:
    • Ho hlasela, ka mokgwa ofe kapa ofe, ‘batho ho fihla boemong boo ba leng kotsing e kgolo ya ho lemala ha ba se inthaneteng’, ba hlaloswang e le:
      • Basireletsi ba ditokelo tsa botho
      • Bana
      • Mahlatsipa a diketsahalo/ditlokotsi tse etswang ka dikgoka
      • Bahanyetsi ba dinaheng tse kotsi dinakong tsa dikgetho
      • Bahlanka ba dikgetho
      • Batho ba sa dumellaneng le mmuso ba nnileng a hlaselwa ka lebaka la boemo ba ho se dumellane le mmuso
      • Dihlopha tsa merabe kapa tsa bodumedi tse nyane dibakeng tse nang le dikgohlano
      • Setho se sehlopheng se thontsweng le se elwang hloko e le se kotsing
    • Ho hlasela mang kapa mang ka metjha efe kapa efe, e kang inbox kapa diprofaele, ka:
      • Dikateng tse tlolang maano a tlhoriso le tlhekatlheko ya batho ka bomong kapa,
      • Dikateng tse belaetsang tse thehilweng maemong a sireleditsweng
  • Diakhaonto tse kwetsweng tse amehang diketsong tsa tlhekatlheko e etswang ke bongata e le karolo ya
    • Mmuso kapa dineteweke tse amahanngwang le mmuso tse hlaselang mang kapa mang motjheng ofe kapa ofe.
    • Dihlopha tsa dira tse hanyetsanang tse hlaselang mang kapa mang ka motjha ofe kapa ofe ka:
      • Dikateng tse tlolang maano a bonkwapo le tlhekatlheko ya batho ka bomong kapa,
      • Dikateng tse ba hlaselang ka lebaka la maemo a sireleditsweng, kapa,
      • Dikateng kapa boitshwaro boo ka tsela e itseng bo nkwang bo belaetsa moelelong wa lehae
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Datha
Sheba Tlaleho ya moraorao ya Qobello ya Melao ya Setjhaba
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka tlhoriso le tlhokofatso
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona