Ho Hlahisa Boitsebiso ba Nnete

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Bonnete ke tshiya ya setjhaba sa rona. Re dumela hore bonnete bo re thusa ho theha setjhaba moo batho ba ikarabellang ho ba bang, le ho Meta, ka ditsela tse utlwahalang. Re batla ho dumella letoto la ditsela tse fapaneng tsa boitsebiso tse hlahiswang setjhabeng sa rona sa lefatshe lohle, ha hape re ntse re thibela boikgakanyo le ho fana ka boitsebiso bo fosahetseng. Ho hlokomela tikoloho e bolokehileng le e bulehileng moo batho ba ka tshepanang le ho haha setjhaba, ha re dumelle ho etswa ha diakhaonto kapa diprofaele tse etswang kapa tse sebediswang ho thetsa ba bang.
Ho Facebook, re batla hore motho a bule akhaonto e le nngwe a sebedisa lebitso leo a tsejwang ka lona bophelong ba letsatsi le letsatsi le emelang boitsebiso ba hae ba nnete. Re qapile Diprofaele Tsa Tlatsetsoho thusa batho ho hlahisa dikarolo tse fapaneng tsa boitsebiso ba bona, jwalo ka dithahasello kapa dikgwebo tsa bona.
Ha re dumelle tshebediso ya ditshebeletso tsa rona mme re tla thibela kapa re tla kgina diakhaonto tsa Facebook le Instagram, le Threads kapa ditheo tse ding tsa Facebook (tse kang Maqephe, dihlopha):
  • Tseo e leng tsa bana ba tlase dilemong
  • Tse ikgakanyang eka ke motho kapa setheo se seng ka:
    • Ho sebedisa (di)setshwantsho, lebitso kapa setshwano sa hae ka morero wa ho thetsa ba bang
    • Ho bua ka lentswe la motho e mong kapa setheo seo kaa eo mosebedisi a se nang tumello ya ho etsa jwalo (mohl., ka ho etsa Leqephe kapa Profaele)
  • Tse amehang tabeng ya ho lahla mohlala wa hore na ke tsa mang ka sepheo sa ho kgelosa kapa ho thetsa ba bang, ho baleha letsoho la molao, kapa ho hatikela Melao ya Setjhaba ya rona. Re sekaseka mabaka a mmalwa ha re lekola boitsebiso boo e seng ba nnete bo kgelosang, jwaloka:
    • Diphetoho tse etswang kgafetsa kapa tse kgolo tsa dintlha tsa boitsebiso, tse kang lebitso kapa dilemo
    • Tlhahisoleseding ya profaele e kgelosang, e kang dintlha tsa nalane ya motho le sebaka sa profaele
    • Ho sebedisa ditshwantsho tse dumeletsweng ka morero wa kgwebo
  • Ho sebedisa lebitso le nang le dikgatikelo tsa Melao ya Setjhaba ya rona.
Ho Facebook, re tla batla tlhahisoleseding e nngwe pele re nka mehato ho tloha ho wa ho thibela diprofaele kapa diakhaonto nakwana ho isa moo re tla di kwala molebe haeba o:
  • O fana ka letsatsi la tswalo le fosahetseng
  • O sebedisa lebitso leo e seng la nnete leo o le sebedisang kamehla bophelong
  • O etsa akhaonto e le nngwe e emelang kapa e sebediswang ke motho a le mong kapa ho feta
  • O etsa kapa o na le diakhaonto tse ngata tsa Facebook
  • O etsa akhaonto e emelang setheo seo e seng sa batho, jwalo ka kgwebo, phoofolo e dulang katlung, kapa motho wa boinahanelo
  • Baballa diprofaele tse se nang letho di sa sebetse ka nako e telele
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka ho hlahisa boitsebiso ba nnete
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona