Kganyapetso ya Batho ba Baholo ka Thobalano

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Re ananela bohlokwa ba ditshebeletso tsa rona e le sebaka sa ho tshohla le ho lemosa batho ka dikgoka le kganyapetso ka thobalano. Re dumela hore ena ke karolo ya bohlokwa ya ho thusa batho ho utlwisisa dintho ka ho tshwana le ho aha setjhaba. Ka boiteko ba ho bula monyetla wa hore batho ba buisane ka taba ena le ho kgothaletsa tikoloho e bolokehileng, re dumella mahlatsipa ho abelana maiphihlelo a bona, empa re tlosa dikateng tse hlahisang, tse tshosetsang kapa tse kgothaletsang thobalano ya dikgoka, tlhekefetso ka thobalano kapa kganyapetso ka thobalano. Re tlosa dikateng tse bontshang, tse buellang kapa tse hlophisang diketso tsa thobalano le batho ba sa dumelang ho qoba ho thusa ho hlophisa diketso tsa thobalano le batho ba sa dumellanang. Ho feta moo, haeba re lemoha dikateng leha e le dife tse tshosetsang ka kapa tse kgothaletsang peto, re ka nna ra kgina akhaonto e phoustuwang le ho sebetsa le ba sepolesa, ho phaella ho tloseng dikateng tseo.
Ho sireletsa mahlatsipa le batho ba phonyohileng, re tlosa ditshwantsho tse hlahisang diketsahalo tsa thobalano ka dikgoka le ditshwantsho tsa thobalano tse abelanweng ntle ho tumello ya (ba)motho ya setshwantshong. Jwalo ka ha ho boletswe selelekeleng, re boetse re sebetsa le ditsebi tse kantle tsa polokeho ho tshohla le ho a ntlafatsa maano a rona le phethiso ya molao o mabapi le ditaba tsa polokeho inthaneteng, mme re ka nna ra tlosa dikateng ha re fumana tlhahisoleseding eo dikateng tsa yona di tsamaisanang le ketso e kotsi. Re ngotse ka theknoloji eo re e sebedisang ho sireletsa batho kgahlanong le ditshwantsho tseo ho sa dumellanwang ka tsona tsa thobalano le diphuputso tse susumeditseng mosebetsi wa rona. Re boetse re kopantse mehlodi bakeng sa ho tlaleha ditshoso le ditshwantsho tsa marato tse abuweng ntle ho tumello ho Meta e le ho nka bohato esale pele ba ho thibela dinepe tsa batho tsa marato hore di se ke tsa nama inthaneteng.
Ha re dumelle:
Dikateng tse hlahisang, tse buellang kapa tse somang ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello, ho kenyeletsa:
  • Setshwantsho se hlahisang ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello (ntle ho bononong ba nnete bophelong bo hlahisang batho bao e seng ba sebele, moo ho nang le mongolo o tshwelang ka mathe kapa o bontshang ho se nke lehlakore)
  • Dipolelo tse lekang kapa tse tshosetsang ho abelana, ho fana kapa ho kopa setshwantsho se hlahisang ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello
  • Ditlhaloso tsa setshwantsho se hlahisang ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello, ntle leha di abelanwa ke kapa e le ho tshehetsa mophonyohi
  • Bobuelli (bo kenyeletsa dipolelo tsa tabatabelo le ka boemo bo itseng), ba ditshoso tsa ho etsa, kapa ho dumela bonkakarolo ho ameng motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello
  • Dikateng tse somang baphonyohi kapa taba ya ho tshwara motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello
  • Dikateng tse abelanweng ke lehlakore le ka thoko ya hlwayang mahlatsipa a tlhekefetso ya thobalano ha di tlalehwa ke mophonyohi
Dikateng, ketso kapa ditshebedisano tse lekang ho hanyapetsa batho ka:
  • Ho qobella batho ho o fa tjhelete, melemo kapa ho ba nka ditshwantsho tsa marato ka ho ba tshosetsa ka hore o tla senola ditshwantsho tsa bona tsa marato kapa tlhahisoleseding ya lekunutu (tlatlapo ka tshoso ya ho beha lehlatsipa poaneng ha le sa ntshe tjhelete)
  • Ho abelana, ho tshosetsa, ho bolela maikemisetso a ho abelana, ho fana kapa ho kopa ditshwantsho tsa marato tsa lekunutung ntle ho tumello (NCII) ho nyallanang le maemo ohle a latelang a mararo:
    • Setshwantsho ha se rekiswe le ho hlahisetswa tulong ya lekunutu.
    • Motho ya senepeng o (batla a) tsotse kapa o ponopono, o etsa thobalano kapa o phousitse ka tsela e etsang hore motho a nahane ka thobalano (sena se kenyeletsa dinepe tse entsweng ka dijithale kapa tse entsweng ka AI).
    • Kgaello ya tumello ya hore ho abelanwe ditshwantsho e bontshwa ka ho kgema leha e le lefe la matshwao ana:
      • Moelelo wa boiphetetso (jwalo ka mongolo o hlalosang setshwantso, ditshwaelo kapa sehlooho sa leqephe).
      • Mehlodi e ikemetseng e kang direkoto tsa sepolesa, ditlaleho tsa boraditaba (jwalo ka, ho nyenyelepa ha ditshwantsho tse netefaditsweng ke boraditaba) kapa baemedi ba mophonyohi wa NCII
      • Tlaleho ya motho ya hlahiswang setshwantshong kapa ya nang le lebitso le tshwanang le la motho ya hlahiswang setshwantshong.
  • Ho bapatsa, ho tshosetsa ka ho aba, kapa ho tshepisa ho etsa setshwantsho sa NCII kapa sa ho sunana ka diepo kapa ka ditshebeletso (tse kenyeletsang tsa AI), kapa ditaelo, esita leha ho se na setshwantsho se rekiswang kapa se sa rekisweng se abuweng ho dikateng tseo (ka dinako tse ding ho thwe ke diepo tsa “boponopono” kapa diepo tsa “AI tsa ho sunana”).
  • Ho aba dinepe tse nkilweng ka lekunutu tseo e seng tsa kgwebo tse tobisitsweng dikarolong tsa mmele tseo hangata di amahanngwang le thobalano (tse kang matswele, senana, dibono kapa dirope), motho ya phousitseng ka tsela e etsang hore motho a nahane ka thobalano, kapa sa motho ya etsang thobalano, mme se abuwa ka sepheo sa ho soma, ho amahanya le thobalano kapa ho senola hore na motho ya hlahisitsweng setshwantshong ke mang. Senepe se atisang ho tsejwa e le "di-creepshot" kapa "tsa dikhethe tse phahameng".
  • Ho abelana, ho tshosetsa ho abelana kapa ho bolela boikemisetso ba ho abelana dipuisano tsa boinotshing tsa thobalano moo ho hloka tumello ya ho abelana ho bontshwang ka efe kapa efe ya tse latelang:
    • Moelelo wa boiphetetso le/kapa moelelo o tshosetsang,
    • Mehlodi e ikemetseng e kang ditlaleho tsa boraditaba kapa direkoto tsa sepolesa, kapa
    • Tlaleho e tswang ho motho ya hlahiswang setshwantshong kapa ya nang le lebitso le tshwanang e le motho ya hlahiswang setshwantshong
Dikahare tse amanang le ho rata ho robala le ditopo kapa ho hlobodisa batho ka nkane, ho kenyeletsa:
  • Setshwantsho se hlahisang ho rata ho robala le ditopo kapa ho hlobodisa batho ka nkane (ntle ho bononong ba nnete bophelong bo hlahisang batho bao e seng ba sebele, moo ho nang le mongolo o tshwelang ka mathe kapa o bontshang ho se nke lehlakore
  • Dipolelo tsa ho leka ho abelana, ho fana, ho kopa kapa ho tshosetsa ka ho abelana ditshwantsho tsa motho ya ratang ho robala le ditopo kapa ho hlobodisa batho ka nkane
  • Dipolelo tse nang le ditlhaloso, boemedi ba, dipolelo tsa tabatabelo kapa tsa ketso e itshetlehileng ka boemo bo itseng, dipolelo tsa boikemisetso kapa dikgoeletso tsa ho nka bohato ba ho etsa, ho dumela bonkakarolo ho, kapa ho soma mahlatsipa a ho robala le ditopo kapa ho hlobodiswa ka nkane
Bakeng sa dikateng tse latelang, re kenya sekrine se bontshang hore ke taba e sisimosang e le hore batho ba ka tseba hore dikateng tseo di ka nna tsa kgopisa ba bang:
Meqoqo le dipolelo tse nang le tlhaloso ya ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello (e ngotsweng kapa ya molomo) e kenyeletsang dintlha tse ka nqane ho taba ya ho bolela kapa ho bua feela ka ketso eo haeba:
  • Di abelanwa ke lehlatsipa, kapa
  • Di abuwa ke motho ya ka thoko (e seng mophonyohi) ho tshehetsa mophonyohi kapa ho tshwela ketso eo ka mathe kapa ho lemosa setjhaba ka moelelo/mongolo o hlalosang setshwantsho.
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
Re ka nna ra thibela ponahalo ho batho ba dilemo tse ka hodima 18 le ho kenya leibole ya temoso ho dikateng tse itseng ho kenyeletsa:
  • Dikahare tse bontshang ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello ha:
    • Di abelanwe ho lemosa (ntle le ka moelelo wa boithabiso kapa wa ho phahamisa maikutlo),
    • Mophonyohi a ke ke a hlwauwa, le
    • Dikateng di sa kenyeletse boponopono
  • Dikahare tse bontshang ho ama hoo e seng ha nnete ka tsela ya thobalano ntle ho tumello (dilelekela tsa dipapatso, jj.) ha di abelanwe ke balekane ba tshepahalang ho lemosa le ntle ho moelelo wa ho phahamisa
Re ka nna ra kgina ponahalo ho batho ba dilemo tse fetang 18 le ho kenyeletsa leibole e lemosang ya hore dikateng tse itseng di hlahisa ho ama ka tsela ya thobalano ntle ho tumello, ha di abelanwa ho lemosa le ntle ho boithabiso kapa moelelo wa ho phahamisa maikutlo, moo lehlatsipa le sa bonahaleng kapa mophonyohi le moo dikateng di sa kenyeletseng boponopono.
Ho phaella ho leano la rona le phethehileng la ho tlosa dikateng tse tshosetsang ka kapa tse buellang peto kapa ho ama motho ka tsela ya thobalano ntle ho tumello, re ka boela ra kwala akhaonto e di phoustang.
Hape re ka nna ra phethisa melao ho dikateng tse abuwng ke motho ya ka thoko tse senolang baphonyohi ba tlhekefetso ya thobalano ha taba e tlalehwa ke moemedi ya kgethilweng kapa Molekane ya Tshepahalang.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka kganyapetso ya batho ba baholo ka thobalano
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona