Boponopono ba Batho ba Baholo le Ketso ya Thobalano

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Re kgina ho bontshwa ha ditshwantsho tsa boponopono kapa ketso ya thobalano hobane batho ba bang setjhabeng sa rona ba ka nna ba kgopiswa ke mofuta ona wa dikateng, haholoholo ka lebaka la ditlwaelo tsa habo bona kapa dilemo.
Re utlwisisa hore boponopono bo ka nna ba abelanwa ka mabaka a fapafapaneng, ho kenyeletsa ha e le tsela ya boipelaetso, ho hlahisa temoso ka lebaka la sesosa, kapa mabaka a thuto kapa a bongaka. Moo ho loketseng mme maikemisetso a jwalo a hlakile, re dumella dikateng tseo. Ka mohlala, leha re thibela tse ding tsa ditshwantsho tsa matswele a basadi a kenyeletsang ditlhoko, re dumella ditshwantsho tse ding, ho kenyeletsa tse bontshang diketso tsa boipelaetso, basadi ba antshang masea le difoto tsa mabadi a kamora ho etsa oporeishene ya matswele (ka dinako tse ding e kenyetswa sekrine sa tlhokomediso ya ntho e sisimosang le dithibelo tse itshetlehileng ka dilemo). Hape re dumella bonono ba sebele bo hlahisang boponopono e le ditshwantsho tse takilweng, diemahale, jj (ka dinako tse ding di kenyetswa sekrine sa tlhokomediso e sisimosang le dithibelo tse amanang le dilemo). Re kgelohela moo re tlosang ditshwantsho tsa thobalano ho thibela ho abelana dikateng ntle ho tumellano kapa tsa ba dilemong tse tlase.
Tlasa leano lena, re tlosa dinepe le dividio tsa sebele tsa boponopono le ketso ya thobalano, ditshwantsho tsa boponopono tsa AI kapa ditshwantsho tse entsweng ka khompyutha le tsa boponopono le tsa ketso ya thobalano, le setshwantsho sa dijithale, ho sa natswe hore na se shebahala e le "foto ya nnete" (jwalo ka, se shebahala jwalo ka sa motho wa nnete. Jwalo ka ha ho boletswe ka hodimo mona, re boetse re dumella ka hloko bonono ba nnete le dikateng tse itseng tsa bongaka, tsa thuto, le tse fanang ka temoso, mme tsena di boletswe ka hara leano.
Dikateng tse amanang le boponopono ba bana ho sebetsanwa le tsona ho Melao ya Setjhaba ya rona ya Kganyapetso ya Bana ka Thobalano, Tlhekefetso le Boponopono.
Ha re dumelle dikateng tse latelang bakeng sa basebedisi bohle:
Boponopono ba Batho ba Baholo
  • Setshwantsho sebele/setshwantsho sa dijithale sa batho ba baholo ba tsotseng e le ka nnete, haeba se bontsha:
    • Mapele a bonahalang (ho kenyeletsa le ha a kwahetswe ke maboya kapa masira a dijithale)
    • Mehlamu e bonahalang le/kapa dinepe tse nketsweng haufi tsa dibono tse bonahalang
    • Ditlhoko tse bonahalang tsa matswele a basadi, ntle le ka moelelo wa ho antsha, kapa ketso ya boipelaetso
  • Foto ya sebele/dividio tsa dijithale tse tsepameng hodima noka, matswele, kapa dibono tse rekotilweng motho kapa batho ba hlahang ho tsona ba sa lemoha
  • Ela hloko hore ka dithibelo tse itseng, re ka nna ra dumella ho hlahiswa ha boponopono ba batho ba baholo meelelong ya tlatsetso e kgethehileng, e kang meelelo ya bongaka kapa ya bophelo bo botle. Sena se akaretswa ka bobatsi dikarolong tse ka tlase mona.
Ketso ya Thobalano ya Batho ba Baholo
  • Foto ya sebele/ya dijithale ya ketso ya thobalano ya batho ba baholo, ho kenyeletsa:
    • Ketso ya thobalano e pepenene kapa tsohediso:
      • Thobalano e pepenene kapa ya molomo, jwalo ka ha e bontshwa ka molomo wa motho kapa mapele a kena kapa a thetsana le mapele kapa mohlamu wa motho e mong, kapa mapele a behilweng kapa a kentsweng kahara thoye ya thobalano, ha bonyane mapele kapa mohlamu wa motho e mong o bonahala.
      • Ho etsa hore mapele kapa mohlamu wa motho o tsohelwe pepenene, jwalo ka ha ho bontshwa ka ho tsohedisa, kapa mohlamu kapa ho kenya dithoye tsa thobalano mapeleng kapa mohlamung, ha ho thetsana ka mapele kapa mohlamu ho bonahalang ka kotloloho
    • Ketso ya thobalano e lohothwang kapa tsohediso:
      • Ketso e lohothwang ya thobalano kapa ka molomo, jwaloka ha e bontshwa ka molomo wa motho kapa mapele a kenang kapa a thetsanang le mapele a motho e mong kapa mohlamu, ha mapele kapa mohlamu le/kapa ho kena kapa ho kopana ho sa bonahale ka kotloloho
      • Tsohediso e lohothwang ya mapele kapa mohlamu wa motho, jwalo ka ha ho bontshwa ka tsohediso kapa ho beha dithoye tsa thobalano ka hodimo kapa ho sunya dithoye tsa thobalano kahara mapele kapa mohlamu wa motho, kapa mapele a behilwe kapa a kentswe kahara thoye ya thobalano, ha mapele kapa mohlamu, tsohediso, ho beha, le/kapa ho sunya ho sa bonahale ka kotloloho
      • Ketso e tlang ya thobalano, jwalo ka ha ho bontshwa ke meemo e sisinyang hore ho kopana ho haufi le ho qala pakeng tsa letsoho la motho, molomo kapa mapele le mapele kapa mohlamu wa motho e mong.
    • Ketso e nngwe ya thobalano kapa tsohediso:
      • Ho tsohelwa
      • Boteng ba dihlahiswa tse sebedisetswang ketso ya thobalano
      • Dithoye tsa thobalano tse behwang hodima molomo kapa tse kenngwang ka hanong
      • Ho etsa hore ditlhoko tse bonahalang tsa motho di tsohelwe
      • Ho pepeta matswele a mosadi, ho hlaloswang e le motsamao wa ho tshwara ka menwana e kobehileng ho bontshang matshwao le ho fetoha ho hlakileng ha sebopeho sa matswele. Re dumella ho pepetwa ha matswele ka moelelo wa ho antsha.
    • Foto ya sebele/ setshwantsho sa ditjithale kapa sa bonono ba sebele bophelong bo hlahisang ntho e etsang hore motho a tsohelwe e kenyeletsang tse latelang:
      • Diketso tse ka lebisang lefung la motho kapa la phoofolo
      • Diretlo
      • Tsa madimo
      • Mantle, moroto, mathe, mamina, madi a ho ya matsatsing kapa mahlatsa
      • Thobalano ya batho le diphoofolo
      • Thobalano ya batho ba lesika
      • BDSM (botlamowa le kgalemelo, kgatello le boithapalatso, ho nyakalliswa ke ho baka mahlomola le ho thabiswa ke ditlokotsi), hafeela le matshwao a thobalano a le teng
  • Setshwantsho se tshwanang le foto ya nnete sa ketso ya thobalano e etswang pepenene kapa tsohediso ka moelelo wa bongaka kapa bophelo bo botle
  • Modumo o hodisitsweng wa ketso ya thobalano
  • Hlokomela hore ka dithibelo tse itseng, re ka nna ra dumella ho hlahiswa ha ketso ya thobalano ka meelelo e kgethehileng, e kang meelelo ya bongaka kapa boitekanelo. Sena se tshohlwa haholwanyane dikarolong tse ka tlase mona.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fokotsa bokgoni ba ho bona dikateng ho basebedisi, ba dilemo di 18 le ho feta, mme re kenyeletsa leibole e le hore batho ba tsebe hore dikateng tsena di ka nna tsa sisimosa:
  • Setshwantsho sa ditjithale le bonono ba ba sebele bophelong ba ketso ya thobalano e etswang pepenene kapa tsohediso ka moelelo wa bongaka kapa boitekanelo
  • Setshwantsho se tshwanang hantle le foto ya nnete/ sa ditjithale le bonono ba sebele bophelong ba ketso e lohothwang kapa e nngwe ya thobalano kapa tsohediso ka moelelo wa bongaka kapa boitekanelo
  • Setshwantsho se tshwanang hantle le foto ya nnete/ sa ditjithale le bonono ba sebele bophelong ba mapele a bonahalang, mohlamu o bonahalang, dinepe tse nketsweng haufi tsa ditono kapa ditlhoko tsa matswele a mosadi tse bonahalang boemong ba sejari ya ho netefatsa bong.
  • Bonono ba sebele bophelong ba mapele a bonahalang (ho kenyeletsa mapele a kwahetsweng ka lesira la dijithale kapa tshiro le mapele a sirilweng ke maboya feela), mehlamu e bonahalang, dinepe tse nketsweng haufi tsa dibono kapa ditlhoko tsa matswele a mosadi, moo ntho eo ho tsepamisitsweng maikutlo ho yona senepeng e leng boponopono mme e seng ka moelelo wa bongaka kapa boitekanelo
  • Foto ya sebele/ setshwantsho sa dijithale sa mapele a bonahalang (ho kenyeletsa mapele a kwahetsweng ka lesira la dijithale kapa tshiro le mapele a sirilweng ke maboya feela), dinepe tse nketsweng haufi tsa dibono tse bonahalang, mehlamu e bonahalang kapa ditlhoko tse bonahalang, ha di abelanwa ka moelelo wa tlala, ho ripitlwa ha morabe ka sehloho, ditlolo tsa molao tsa ntwa, kapa ditlolo tsa molao tse kgahlanong le baahi
Bakeng sa dikateng tse latelang, re fokotsa bokgoni ba ho boha dikateng hore ebe batho ba baholo feela, ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Foto ya sebele/setshwantsho sa dijithale se bontshang se batlang e le boponopono jwalo ka boponopono bo kwahetsweng feela ka mokgwa wa dijithale kapa ntho e sa bonaletseng hantle le maemo a itseng a boponopono bo sirilweng ke seaparo se bonaletsang
  • Foto ya sebele/setshwantsho sa dijithale sa batho moo ho tsepamisitsweng maikutlo hodima senana, dibono kapa (le) matswele a mosadi
  • Foto ya sebele/ setshwantsho sa ditjithale le bonono ba sebele bophelong ba ketso e pepenene, e lohothwang kapa e nngwe ya thobalano kapa tsohediso ha ho bonahala feela disheipe tsa mmele kapa dibopeho tsa mmele
  • Bonono ba sebele bophelong, moo
    • Setshwantsho se bontshang ketso ya thobalano e lohothwang, e pepenene, kapa ketso e nngwe ya thobalano kapa tsohediso ntle leha se phoustilwe ka moelelo wa bongaka kapa boitekanelo
    • Ditshwantsho tse bontshang thobalano le diphoofolo hafeela di abelanwa ka ho se nke lehlakore kapa ho tshwela ketso eo ka mathe mme batho le diphoofolo tse bontshwang e se tsa nnete.
  • Setshwantsho se tsejwang se inahanetsweng eka ke sa nnete se bontshang ketso e lohothwang kapa ketso e nngwe ya thobalano, kapa tsohediso
  • Foto ya sebele/setshwantsho sa dijithale le bonono ba sebele bophelong bo hlahisang:
    • Ketso e amanang le thobalano e kang ho suna ka leleme le bonahalang le ho tantsha ka tsela ya thobalano kapa e tsosang takatso ya thobalano
    • Batho ba etsisang ketso ya thobalano
    • Matshwao a supang mapele, ho itsohedisa, thobalano ya molomo kapa ketso ya thobalano
    • Di-logo, di-screenshot kapa dividio tsa diwebsaete tsa ditshwantsho tsa phonokrafi tse tsejwang
  • Dikateng tse nang le modumo wa ketso ya thobalano
Bakeng sa dikateng tse latelang, re kenyeletsa leibole hore batho ba lemohe hore dikateng tseo e ka ba tse sisimosang:
  • Foto ya sebele/setshwantsho sa dijithale le bonono ba sebele bophelong bo hlahisang:
    • Mapele a bonahalang (ho kenyeletsa mapele a kwahetsweng ka lesira la dijithale kapa tshiro le mapele a sirilweng ke maboya feela), dinepe tse nketsweng haufi tsa dibono tse bonahalang, kapa mehlamu e bonahalang, ha di abelanwa ka moelelo wa bongaka kapa boitekanelo. Sena se ka kenyeletsa, ka mohlala:
      • Ho beleha le metsotso ya kamora ho beleha
      • Ho itlhahloba bakeng sa mofetshe kapa bolwetse bo bong
  • Ditlhoko tsa matswele a mosadi tse bonahalang, ha di abelanwa ka moelelo wa bongaka kapa boitekanelo (ho kenyeletsa le oporeisheneng ya ho tlosa letswele kapa dithathu tsa baphonyohi ba mofetshe)
Bakeng sa Melao ya Setjhaba e latelang re hloka tlhahisoleseding ya tlatsetso le/kapa ditaba tseo re lokelang ho tiisa hore molao o a phethiswa ho tsona:
  • Maemong a itseng, re tla dumella dikateng tsa batho ba dilemo di 18 le ho feta tse nang le leibole re tla tseo ka ho le leng di ka nnang tsa hatikela Melao ya Setjhaba ha ho nkwa hore dikateng tseo ke tsa ho phoqa. Dikateng di tla dumellwa hafeela dikarolo tse hatikelang tsa dikateng e le tsa ho phoqa kapa di amahanngwa le ntho e itseng kapa motho e mong bakeng sa ho mo soma kapa ho mo tshwaya phoso.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Diskrine tsa temoso
Datha
Sheba Tlaleho ya moraorao ya Qobello ya Melao ya Setjhaba
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka boponopono ba batho ba baholo le ketso ya thobalano
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona