Melao ya Setjhaba

Melao ya Setjhaba e teka se dumeletsweng le se sa dumellwang ho Facebook, Instagram, Messenger le Threads.
Selelekela
Melao ena e itshetlehile ka tlalehelo e tswang bathong le keletso ya ditsebi ditabeng tse kang theknoloji, polokeho ya setjhaba le ditokelo tsa botho. Ho netefatsa hore lentswe la e mong le e mong le nkelwa hloohong, re ela hloko ho etsa melao e kenyeletsang maikutlo le ditumelo tse fapaneng, haholoholo tsa batho le baahi ba ka nnang ba tlodiswa mahlo kapa ba qhelelwa ka thoko.
Letsatsi le letsatsi, batho ba sebedisa Facebook, Instagram, Messenger le Threads ho abelana boiphihlelo ba bona, ho ikopanya le metswalle le ba lelapa, le ho aha metse ya habo bona. Ditshebeletso tsa rona di thusa dibilione tsa batho ho itlhalosa ka bolokolohi ho phatlalla le dinaha le ditso le ka dipuo tse ngata.
Meta e ananela kamoo ho leng bohlokwa bakeng sa Facebook, Instagram, Messenger le Threads hore e be dibaka tseo batho ba ikutlwang ba fuwe matla a ho buisana, mme re nka mosebetsi wa rona ka botebo wa ho tlosa tlhekefetso tshebeletsong ya rona. Ke kahoo re tlileng ka melao ya se dumeletsweng le se sa dumellwang ditshebeletsong tsena.
Ka kopo ela hloko hore kgatiso ya Senyesemane sa Amerika e na le melao ya moraorao mme e lokela ho sebediswa e le tokomane ya mantlha.
Boitlamo ba rona ho hlompha mantswe a batho
Sepheo sa Melao ya Setjhaba sa rona ke ho hleka sebaka sa ho ntsha maikutlo le ho hahela lentswe la batho lesaka. Meta e batla hore batho ba kgone ho bua ka bolokolohi ka dintlha tseo ba di nkang di le bohlokwa, ebang ke ka ditshwaelo tse ngotsweng, ka difoto, ka mmino kapa mekgwa e meng ya bonono, esita le haeba ba bang ba ka nna ba di hanyetsa kapa ba bona di belaetsa. Maemong a mang, re dumella dikateng—tseo ka nqa e nngwe di ka bang kgahlanong le melao ya rona—haeba e le tse ka tlalehwang e le ditaba le tse molemong wa setjhaba. Re etsa sena feela kamora ho hlahloba hore na setjhaba se na le thahasello e kae ha ho bapiswa le kotsi ya ho lemala, hape re sheba melao ya matjhaba ya ditokelo tsa botho hore re etse diqeto tsena. Maemong a mang, re ka nna ra tlosa dikateng tse sebedisang puo e ka utlwisiswang ka ditsela tse sa tshwaneng kapa e sisinyang ho hong ka tsela e poteletseng ha ditaba tsa tlatsetso di re dumella ho utlwisisa ka tsela e batlang e hlakile hore dikateng di kgahlanong le melao ya rona.
Boitlamo ba rona ba bolokolohi ba puo ke ntlha e ka sehlohlolong, empa re a tseba hore inthanete e hlahisa menyetla e metjha le e eketsehileng ya tshebediso e mpe. Ka mabaka ana, ha re thibela dipolelo tse itseng, re etsa jwalo ka ho phethisa o le mong kapa e mmedi ya melao e latelang ya boitshwaro:
BONNETE
Re batla ho etsa bonnete ba hore dikateng tseo batho ba di bonang ke tsa nnete. Re dumela hore bonnete bo hlahisa tikoloho e betere ya ho arolelana, mme ke kahoo re sa batleng hore batho ba sebedisang ditshebeletso tsa rona ho ikgakanya hore na ke bomang kapa ba etsang.
POLOKEHO
Re ikemiseditse ho etsa hore Facebook, Instagram, Messenger le Threads e be dibaka tse bolokehileng. Re tlosa dikateng tse ka nyehelang kotsing ya ho lemala ha batho mmeleng. Dikateng tse tshosang batho di na le bokgoni ba ho tsitsipanya, ho qhelela ka thoko kapa ho kgutsisa ba bang mme seo ha se a dumellwa ditshebeletsong tsa rona.
LEKUNUTU
Re ikemiseditse ho sireletsa ditaba tsa batho tsa lekunutu le tlhahisoleseding ya bona. Lekunutu le fa batho bolokolohi ba ho ba seo ba leng sona, ho kgetha tsela le nako ya ho aba dintho ditshebeletsong tsa rona le ho ikopanya le ba bang ha bonolo.
SERITI
Re dumela hore batho bohle ba a lekana ka seriti le ditokelo. Re lebeletse hore batho ba tla hlompha seriti sa batho ba bang mme ba ke ke ba ba hlorisa kapa ho ba nyenyefatsa.
Melao ya Setjhaba
Melao ya Setjhaba ya rona e sebetsa ho batho bohle, lefatsheng lohle le ho mefuta yohle ya dikateng tsa AI.
Karolo ka nngwe ya Melao ya Setjhaba ya rona e qala ka "Lebaka la Leano" le tekang merero ya leano le latelwang ke metjha ya leano e itseng e tekang:
Dikateng tse sa dumellwang; le
Dikateng tse batlang tlhahisoleseding ya tlatsetso kapa dintlha bakeng sa ho qobella mabapi le, dikateng tse dumeletsweng ka sekrine sa temoso kapa dikateng tse dumeletsweng empa di ka shebellwa feela ke batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta.