Ho Thusa Batjha ho Bona Dikateng Tse Tsamaisanang le Dilemo

E APDEITILWE 4 MOTSHEANONG 2026
Re batla batjha ba be le boiphihlelo bo bolokehileng, bo botle ho Facebook le Instagram, e leng se kenyeletsang ho ba thusa ho batlana le ditabatabelo tsa bona ha re ba bontsha dikateng tse tshwanelang dilemo tsa bona. Re sebeletsa ho thibela hore batjha ba bone dikateng tse sa ba lokelang ka ditsela tse tharo tse ka sehloohong: ho tlosa dikateng ka ho phethahala ha di roba melawana ya rona, ho patela batjha mefuta e itseng ya dikateng tse loketseng batho ba baholo kapa tse sisimosang, le ho ba le boemo bo batlang bo le matla bakeng sa seo re se kgothaletsang.
Re tswela pele ho fetola tsela eo re sebetsang ka yona ho thusa ho netefatsa hore re neha batjha boiphihlelo bo bolokehileng, bo tshwanelang dilemo tsa bona, le ho kenyeletsa diphuputso tse molemo ka ho fetisisa kamoo ho ka kgonehang le ho fumana dikeletso tsa ditsebi hore batswadi ba phutholohe kelellong. Re boetse re batlile hore re inyalanye haholo le boikemelo bo seng bo ntse bo tlwaelehile malapeng, kahoo re lekotse ditataiso tsa rona tse tshwanelang dilemo - ditataiso tse bolelang hore ke dikateng dife tseo re di patelang batjha le ho qoba ho ba kgothaletsa tsona - re ipapisitse le direiting tsa dimovi tsa ba dilemo tse 13+ le tlalehelo ya batswadi. Sena se bolela hore sepheo sa rona ke hore batjha ba bone dikateng ho Instagram le ho Facebook tse tshwanang le seo ba neng ba tla se bona moving o tsamaisanang le dilemo tsa bona, ka ho iketsahalla.
Jwalo feela ka ha o ka nna wa bona dikateng tse ka tsosetsang motho maikutlo a thobalano kapa ho utlwa puo e hlohlontshang ditsebe ho movi o lekantsweng ka nepo bakeng sa batjha ba dilemo di 13+, batjha nengneng ba ka nna ba bona ntho e jwalo ho Instagram - empa re tla dula re etsa tsohle tseo re ka di kgonang ho etsa bonnete ba hore maemo ao a jwalo ha a hlahe kgafetsa kamoo ho ka kgonehang. Re a utlwisisa hore ha ho sistime e phethahetseng, mme re itlamme ho ntlafatsa dintho ha nako e ntse e tsamaya.
Ho na le diphapang tse ngata pakeng tsa social media le dimovi. Ha re a sebetsa le MPA ha re ne re apdeita diseting tsa dikateng tsa rona, mme ha ba reite dikateng dife kapa dife ho Instagram kapa/le Facebook, mme ha ba tjhaele monwana kapa ho dumella diseting tsa dikateng tsa rona ka tsela efe kapa efe. Ho fapana le moo, re tsositswe molota ke ditataiso tsa setjhaba tsa MPA, tse seng di ntse di tsejwa ke batswadi, hammoho le tlalehelo ya batswadi. Disistime tsa rona tsa ho lekola dikateng ha di tshwane le boto ya ho reita movi, kahoo motho a ka nna a ba le boiphihlelo bo sa tshwaneng hantle.
Mekgahlelo e Mengata ya Tshireletso
Bakeng sa bohle: Re tlosa dikateng tse hatikelang Melao ya Setjhaba ya rona. Re boetse re na le boemo bo phahameng bakeng sa mofuta wa dikateng oo re o kgothaletsang.
❌ Dikateng Tseo re di Tlosang
Melao ya Setjhaba ya rona e teka mefuta ya dikateng tseo re sa di dumelleng ho Facebook le ho Instagram. Re tlosa dikateng tsena ka botlalo bakeng sa bohle - ho kenyeletsa batjha - neng kapa neng ha re tseba ka tsona. Ha re tlosa dikateng tse robang melawana ena, re ka nna ra ba ra fana ka kotlo akhaontong e di abileng, mme re kgina diakhaonto tse hatikelang maano a rona ka ho iphetapheta kapa ka tsela e matla. Maano ana a reretswe ho sireletsa bohle setjhabeng sa rona, ho kenyeletsa le batjha.
Mefuta ya dikateng tseo re di tlosang ka ho phethahala e kenyeletsa, empa ha e felle ka:
Ha re dumelle dikateng tse hlekefetsang kapa tse hanyapetsang batho, tse kang diphouste tse kgothaletsang ketso ya thobalano ntle ho tumellano, kapa ho aba kapa ho kopa thepa ya tlhekefetso ya bana ka thobalano. Ka mohlala, re tla tlosa:
❌ Phouste e tshepisang bootswa kapa e kopang motho e mong ho mo romela ditshwantsho tsa boponopono.
❌ Foto ya motho ya maratong kapa ketsong ya thobalano, e abuwang ntle ho tumello ya hae.
❌ Phouste e tshepisang kapa e kopang thepa ya tlhekefetso ya bana ka thobalano kapa setshwantsho sa bana ba ponopono.
Ha re dumelle dikateng tse kgothaletsang, tse rorisang kapa tse kgothaletsang ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle, leha re ntse re fa batho monyetla wa ho buisana ka boiphihlelo ba bona le ho batla tshehetso. Ka mohlala, re tla tlosa:
❌ Phouste e buang hantle ka ho ipolaya, ho itematsa, kapa ho se je hantle.
❌ Pale e bontshang ho thefulang maikutlo.
❌ Dikateng tse somang motho ya nang le bothata ba ho se je hantle.
Ha re dumelle dikateng tse bopang tikoloho ya ditshoso kapa ho qhelela motho ka thoko, ho kenyeletsa tlhoriso le tlhokofatso. Ka mohlala, re tla tlosa:
❌ Phouste e sebedisang mantswe a hobosang batho ka lebaka la morabe, bodumedi, botjhaba, boitsebiso ba bong, kapa tshekamelo ya thobalano.
❌ Tshwaelo e somang mahlatsipa a tlhekefetso ka thobalano.
❌ Phouste e tshosang ho lokolla tlhahisoleseding e ka hlwayang motho ka kotloloho (jwalo ka nomoro ya phasepoto) kapa e hlohleletsang tlhoriso e lebisitsweng ho motho e mong.
Ha re dumelle ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka ditshebeletso kapa thepa e itseng e thibetsweng mapatlelong a rona. Hape ha re dumelle batho ho kgothaletsa mefuta e itseng ya dithethefatsi kapa ho fana ka ditaelo tsa ho di sebedisa. Ka mohlala, re tla tlosa:
❌ Pale e tshepisang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka mefuta e fapafapaneng ya dithethefatsi.
❌ Phouste e batlang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka kwae, nikhothine, kapa jwala
❌ Tshwaelo e tshepisang dikarolwana tsa sethunya tse hatisitsweng ka 3D.
Re etsa mekgelo e itseng bakeng sa dikgwebo tse molaong tse dumeletsweng ka molao ho fana ka thepa ya mefuta e itseng ya thepa e thibetsweng.
Ha re dumelle dikateng tse thefulang maikutlo ka tsela e feteletseng, kapa dikateng tse ka nnang tsa tshosetsa polokeho ya motho, jwaloka ditshoso tsa dikgoka kgahlanong le batho. Ka mohlala, re tla tlosa:
❌ Phouste e tshosetsang ho bolaya kapa ho kwetela motho e mong, kapa e kgothaletsang ba bang ho etsa dikgoka.
❌ Video e thefulang maikutlo e bontshang motho a retlwa kapa a tjheswa hampe.
Re etsa mekgelo e itseng ya dikateng tse thefulang maikutlo ka moelelo wa bongaka kapa ha di abuwa ho lemosa setjhaba. Moo re dumellang dikateng tse thefulang maikutlo, hangata re di kwahela ka sekrine sa tlhokomediso ho tsebisa batho hore dikateng tseo di ka nna tsa ama maikutlo pele ba di tobetsa.
Re thibela ho pepeswa ha boponopono kapa ketso ya thobalano hammoho le puo e pepenene ya thobalano. Ka mohlala, re tla tlosa:
❌ Re tlosa setshwantsho kapa vidio tse nang le boponopono kapa ketso e pepenene ya thobalano, ho kenyeletsa ha e hlahiswa ka AI.
❌ Pale e nang le ditlhaloso tse pepenene kapa tse thefulang maikutlo tsa dikopano tsa thobalano (ntle leha e le tsa ho qabola kapa ho phoqa).
Re utlwisisa hore boponopono bo ka nna ba abelanwa ka mabaka a fapafapaneng, ho kenyeletsa ha e le tsela ya boipelaetso, ho hlahisa temoso ka lebaka la sesosa, kapa mabaka a thuto kapa a bongaka. Moo ho loketseng mme maikemisetso a jwalo a hlakile, re dumella dikateng tseo.
Bakeng sa dintlha tse feletseng tsa dikateng tseo re di tlosang, sheba Melao ya Setjhaba ya rona.
🛡️ Dikateng Tseo Re Qobang ho di Kgothaletsa
Re etsa dikgothaletso dibakeng tse kang Dividio tse Kgutshwane tsa Instagram kapa Explore kapa Phepelo ya Facebook ho thusa batho ho sibolla dikateng tse ntjha tse ka nnang tsa ba kgahla. Re na le ditataiso tsa mofuta wa dikateng tse ka kgothaletswang, le ho qoba ho etsa dikgothaletso tseo e ka bang tsa boleng bo tlase, tse belaetsang kapa tseo ka ho kgetheha di amang maikutlo—esita leha dikateng di se mpe hakalo hore di ka tloswa. Re etsa sena hobane re nahana hore ho lokela ho be le melao e matlanyana ha re bontsha batho dikateng tsa diakhaonto tseo ba sa kgethang ho di latela.
⚠️ Dikateng Tse Ding Tseo re di Patelang Batjha
Batjha: Re fana ka ditshireletso tsa tlatsetso bakeng sa batjha ba ka tlase ho 18. Re pata dikateng tse ding, ho feta ka nqane ho tseo re di tlosang bakeng sa bohle, le hape ho qoba ho kgothaletsa batjha dikateng tse kgothaletswang batho ba baholo. Sepheo sa rona ke hore batjha ba bone dikateng ho Instagram le ho Facebook tse tshwanang le seo ba neng ba tla se bona moving o tsamaisanang le dilemo tsa bona, ka ho iketsahalla. Batjha ba ka fihlella feela seting ya boraro, e batlang e na le tumello - e bitswang More Content - ka tumello ya motswadi. Ho Instagram, batjha kapa batswadi ba ka boela ba kena ho seting e batlang e na le thibelo e matla e bitswang Limited Content, mme batjha ba ka fihlella feela seting ya boraro, e batlang e na le tumello - e bitswang More Content - ka tumello ya motswadi
13+ (ka ho iketsahalla): Seting ya dikateng tsa 13+ e susumetswa direiting tsa movi tsa 13+ tsa batjha ba dilemo tse 13+ le tlaleho ya batswadi, mme e buletswe bakeng sa batjha ka ho iketsahalla. Re sebeditse le ditsebi tsa batjha lefatsheng lohle ho utlwisisa hore na ke dikateng tsa mofuta ofe tse ka nnang tsa lokela batho ba baholo, empa di hlahisa dintho tse kgolo bakeng sa batjha ba ka tlase ho dilemo tse 18, mme re lekotse ditataiso tsena tse loketseng dilemo re ipapisitse le direiting tsa dimovi tsa batjha ba dilemo tse 13+ le ditlaleho tsa batswadi. Ho seting ena, re tla patela batjha dikateng tse ding ho phaella ho seo re se ntseng re se tlosa bakeng sa bohle. Sena se bolela hore, leha batho ba baholo ba ntse ba tla fihlella dikateng tsena, batjha ba ke ke ba kgona ho di bona kapa ho sebedisana le tsona, esita le haeba di abuwa diakhaontong tseo ba di latelang Phepelong kapa Dipaleng tsa bona. Re tla boela re thibele batjha ho sibolla, ho latela le ho sebedisana le diakhaonto tseo motheong wa tsona di abang dikateng tse sa tshwaneleng dilemo.
Tobetsa mona ho bona e meng ya mefuta ya dikateng tseo re tla di patelang batjha ho seting ena e ipehang
Re pata dikateng tse itseng tsa ho ipolaya le ho itematsa ho sireletsa batjha thepeng eo mohlomong e ka ba sithabetsang kapa ya ba sisimosa maikutlo. Ka mohlala, ka lebaka la dilemo re tla thibela:
⚠️ Phouste eo ho yona motho a hlalosang boiphihlelo ba hae ka ho ipolaya, ho itematsa kapa ho se je hantle, ntle le ka moelelo wa ho hlaphohelwa.
⚠️ Foto kapa vidio e bontshang batho ba sepetlele ba keneng tabe ya ho bolawa ka mokgwa wa bongaka kapa ho thusa motho ho ipolaya.
⚠️ Pale moo motho a buang ka boitshwaro ba hae bo feteletseng ba ho theola mmele.
Re patela batjha dikateng tse ka ba susumetsang hore ba amehe diketsong tse ka nnang tsa ba kotsi. Ka mohlala, ka lebaka la dilemo re tla thibela:
⚠️ Phouste e tshepisang ho rekisa dihlahiswa tsa kwae, nikhothine, jwala kapa dithunya ha di abuwa ke kgwebo e molaong e nang le mohaho wa sebele.
Pale e kgothaletsang batho ho sebedisa dithethefatsi tse etsang motho a bone dintho tse siyo (tseo hape di tsejwang e le dientheojene) kapa dihlahiswa tsa matekwane.
⚠️ Ditshwantsho tse nang le diresepe tsa dino tsa tahi.
⚠️ Phouste e rekisang dihlahiswa kapa ditshebeletso tsa ho theola mmele.
Re patela batjha boholo ba ditshwantsho tse thefulang maikutlo le tse tshwenyang motho maikutlong, esita leha re ka di dumella kamora sekrine sa tlhokomediso bakeng sa batho ba baholo. Ka mohlala, ka lebaka la dilemo re tla thibela:
⚠️ Foto ya motho ya tjheleng hampe, eo re tla e kwahela ka sekrine sa tlhokomediso bakeng sa batho ba baholo.
⚠️ Foto kapa vidio ya ho thunya, sehloho kapa ho tjhaisana ha dikoloi moo batho ba shweleng.
Re patela batjha dikateng tsa tlatsetso tse sa bontsheng boponopono bo pepeneneng kapa ketso ya thobalano empa di ka nkuwa e le tse sisinyang thobalano. Ka mohlala, ka lebaka la dilemo re tla thibela:
⚠️ Phouste e nang le boponopono bo haufi le ho hlaha bo kang boponopono bo kwahetsweng ka lesira la dijithale.
⚠️ Foto e nketsweng haufinyana ya ditono tsa motho e mong.
⚠️ Pale e nang le puo e sisinyang thobalano e hlalosang dikopano tsa thobalano, ho kenyeletsa tshebediso ya ditshwantshanyo tsa thobalano.
Bakeng sa dintlha tse feletseng tsa dikateng tseo re di tlosang, sheba Melao ya Setjhaba ya rona.
Re tla boela re qobe ho kgothaletsa mefuta e meng ya dikateng, esita le haeba e tsamaelana le direiting tsa dimovi tsa batjha ba dilemo tse 13+ le tlalehelo ya batswadi. Dikateng tse ngata tseo re qobang ho di kgothaletsa batho ba baholo tse seng di se di ntse di patetswe batjha ka ho phethahala, empa re ya pele bakeng sa batjha le ho qoba ho kgothaletsa mefuta ya tlatsetso ya dikateng - e kang difoto kapa dividio tse ka nnang tsa bonwa e le tse lohothang thobalano, ho rohakana ka matla, kapa diketso tse kotsi jwalo ka ho tlola ho tloha moo ho leng hodimo.
Limited Content: Ho Instagram, bakeng sa batswadi ba ratang ditaolo tsa tlatsetso, re tsebahaditse seting e ntjha, esita le e batlang e thibela ka matla e bitswang Limited Content. Ha seting ya Limited Content e buletswe, re tla sebedisa difilthara tsa rona tsa dikateng ka matla a maholo ho pata esitana le dikateng tse ding tsa boiphihlelo ba Akhaonto ya Batjha. Ho feta moo re tla boela re ngotle sephetho sa Setjha, le ho tima bokgoni ba batjha ba ho bona, ho tlohela kapa ho fumana ditshwaelo tlasa diphouste.
More Content: Batjha ba ka kgona feela ho fetohela ho seting ya ‘More Content’ ka tumello ya motswadi, eo batswadi ba ka fanang ka yona feela ka tlhokomelo ya botswadi. Ho seting ena, batjha ba tla nne ba kgole molemo wa ditshireletso tse iketsahallang tse patelang batjha dikateng tse ding ho feta kamoo re etsang bakeng sa batho ba baholo, mme re tla nne re tlose dikateng ka ho phethahala haeba di hatikela Melao ya Setjhaba ya rona. Leha ho le jwalo, batjha ba ka nna ba kgothaletswa dikateng tse ding tse ke keng tsa ba ho diseting tsa 13+ le Limited Content, mme re ke ke ra pata diakhaonto kaofela tse abang dikateng tse tshwanelang dilemo. Seting ya More Content e ke ke ya fana ka dithibelo tse batlang di le matla tsa dikateng ho phatlalla le Laeve, Ditshwaelo le Setjha tseo e leng karolo ya diseting tsa 13+ le Limited Content.
Boitatolo: Ho na le diphapang tse ngata pakeng tsa social media le dimovi. Ha re a sebetsa le MPA ha re ne re apdeita diseting tsa dikateng tsa rona, mme ha ba reite dikateng dife kapa dife ho Instagram le Facebook, ebile ha ba tjhaele monwana kapa ho dumella diseting tsa dikateng tsa rona ka tsela efe kapa efe. Ho fapana le moo, re tsositswe molota ke ditataiso tsa setjhaba tsa MPA, tse seng di ntse di tsejwa ke batswadi, hammoho le ditlaleho tsa batswadi. Disistime tsa rona tsa ho lekola dikateng ha di tshwane le boto ya ho reita movi, kahoo motho a ka nna a ba le boiphihlelo bo sa tshwaneng hantle.
Tsela ya ho Tlaleha Dikateng Tse Hatikelang Molao
Re sebetsa ka thata ho hlwaya dikateng tse tlolang melawana ya rona, mme re fumana hore boholo ba dikateng tseo re di tlosang esale nako re sebedisa theknoloji ya rona pele re di tlalehelwa. Haeba o bona ntho eo re neng re sa e lemoha, ka kopo thusa ho etsa hore mapatlelo a rona ke dibaka tse bolokehileng ka ho e tlaleha ho Facebook kapa Instagram. Ditlaleho tsohle ke tsa mohlokalebitso.
Mehlodi ya Tlatsetso
Melao ya Setjhaba ya rona e na le dintlha ka mefuta ya dikateng tseo re di tlosang le tseo re di thibelang ka lebaka la dilemo bakeng sa sebaka ka seng sa leano. Ho e bala, tobetsa mona.
Hape re tlile ka theknoloji e hlwayang esale nako batho ba baholo ba ka belaetsang, jwalo ka motho e moholo ya eo esale a dula a thibelwa ka makgetlo kapa a tlalehilweng ke batjha, kapa haeba motho e moholo a dula a setjha dikateng tse hatikelang molao. Re ke ke ra kgothaletsa batho ba baholo ba belaetsang ho batjha, mme re ke ke ra kgothaletsa batjha batho ba baholo ba belaetsang. O ka bala ho feta ka sena mona.
O ka bala ho feta ka ditsela tseo re bolokang setjhaba sa rona se bolokehile Setsing sa Polokeho sa rona, le ditsela tseo re tshehetsang batjha le malapa ka tsona Setsing sa Malapa sa rona.