Ha Meta, re itlamme ho ahela lentswe la batho lesaka le ho tiisa hore ba bolokehile.
Sena se bolela hore re tlosa dikateng tse kotsi tse kgahlanong le maano a rona, re fokotsa phatlalatso ya dikateng tse nang le mathata tse sa hatikeleng maano a rona, le ho tsebisa batho ka dintlha tsa tlatsetso hore ba ka etsa qeto ya hore ba ka tobetsa, ba bala kapa ba aba eng.
1
Re sebedisana le ditsebi lefatsheng lohle ditabeng tsa theknoloji, polokeho ya setjhaba le ditokelo tsa botho ho etsa le ho apdeita maano a rona.
2
Re qapa difitjhara bakeng sa polokeho, hore batho ba ka tlaleha dikateng le ho di thibela, ho pata kapa ho kgaotsa bolatedi ba diakhaonto.
3
Re qobella maano a rona ka tshebediso ya theknoloji le tekolo ya batho.
Re etsa hore batho ba dule ba bolokehile le ho etsa hore batho ba re jarise boikarabelo ka ho aba maano a rona, ditlaleho tsa rona tsa qobello le tsa ponaletso.
Maano a rona
Maano a rona a hlalosa se dumelletsweng le se sa dumellwang ditheknolojing tsa Meta. Haeba dikateng di le kgahlano le maano a rona, re di nkela bohato.
Qobello ya rona
Re sebedisa theknoloji le dihlopha tsa tekolo ho hlwaya, ho lekola le ho nka bohato mabapi le dimilione tsa dikateng letsatsi ka leng ho Facebook le Instagram.
Ditlaleho tsa rona tsa ponaletso
Re phatlalatsa ditlaleho tsa kamehla tsa ponaletso ho bontsha batho kamoo re sebetsang mabapi le ho qobella maano a rona.
Tsela eo re hlalosang ho kalwa ka yona
Disistime tsa artificial intelligence (AI) di fana ka lesedi la boemo ba dikateng bakeng sa dintho tse ngata tseo motho a ka di etsang dihlahisweng tsa Meta, tse kang ho sheba Phepelo ya Facebook, ho shebella dividio tse kgutshwane ho Instagram kapa ho braosa Facebook Marketplace.
Diapdeiti tsa moraorao